Mahlakoreng a tsona a mane, ho ne ho hlaha matsoho a kang a motho, a tswang tlasa dipheo tsa tsona; haele bone ba tsona, di ne di na le difahleho tsa tsona le dipheo tsa tsona.
E nngwe le e nngwe e ne e na le difahleho tse nne, e nngwe le e nngwe ya tsona hape e ne e na le dipheo tse nne; tlasa dipheo tsa tsona, ho ne ho hlaha ntho e kang matsoho a motho.
Yaba kerubime e nanabeletsa letsoho mollong o mahareng a dikerubime, e le dipakeng tsa dikerubime, ya nka mollo, ya o bea diatleng tsa ya apereng lene; eo a o nka, a tswela ntle.
Eitse ha ke tadima, ka bona mabidi a mane pela dikerubime; lebidi le leng pela kerubime e nngwe, lebidi le leng hape pela kerubime e nngwe; ponahalo ya mabidi e ne e ka ponahalo ya lejwe la krisolithe.