Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 10:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Modumo wa dipheo tsa dikerubime wa utlwahala le lebaleng le kantle, o ka lentswe la Modimo o matla wohle, ha o bua.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Modumo wa mapheo a dikerubime o ne o utlwahala ho ya fihla lebaleng le kantle, o tshwana le lentswe la Modimo ya matla wohle ha a bua.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 10:5
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Matlo ao kaofela a hahuwa ka majwe a hlokwang, a betlilweng ka tekano ya teng, a sagilweng ka disaga, kahare le kantle, ho qala ka motheo ho isa sehlohlolong, le ho tloha kantle ho isa lebaleng le leholo.


A etsa le lebala la baprista, le lebala le leholo, le menyako ya lona, a maneha mamati a lona ka koporo.


A o na le letsoho le kang la Modimo? Lentswe la hao na le ka duma jwaloka la wona na?


Binelang ya haolang ka sebaka sa mahodimo a kamehla. Utlwang! o utlwahatsa lentswe la wona, lentswe le tlerolang.


Maru a tsurutla metsi, maru a thetheretsa; metsu ya hao ya phosetswa mane le mane,


Ka tsatsi la boraro, ha bo esa, diaduma tsa eba teng, le mahadima, mme leru le letenya la eba hodima thaba, le modumo wa terompeta o matla ka ho fetisisa; mme setjhaba kaofela se neng se le diahelong sa thothomela.


Eitse ha modumo wa terompeta o ntse o kokomoha ka ho fetisisa, Moshe a bua, mme Modimo wa mo arabela ka lentswe le matla.


Ka ntoo utlwa lentswe la Morena, le re: Ke tla roma mang? Ho tla ya mang bakeng sa rona? Mme ka re: Ke nna enwa, roma nna!


Enereha di tsamaya, ke ne ke utlwa modumo wa dipheo tsa tsona eka modumo wa metsi a mangata, hape eka lentswe la Ya matla wohle, e le modumo wa tlatlarietso, o kang modumo o diahelong. Ereha di ema, di lepeletse dipheo tsa tsona.


Eitse hobane a laele monna ya apereng lene, ka ho re: Nka mollo dipakeng tsa mabidi, mahareng a dikerubime; a tla, a ema pela lebidi le leng.


Yaba o nkisa lebaleng le kantle, mme ka bona dikamore, ka bona le mokato wa majwe o entsweng lebaleng ho le teela hare; ho ne ho ena le dikamore tse mashome a mararo tse neng di teana le mokato oo.


Yaba o nntshetsa lebaleng le kantle, a nkisa dikoung tse nne tsa lebala, mme ka bona ho na la lebala koung e nngwe le e nngwe ya lebala.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ