Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 10:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Yaba kganya ya Jehova e tloha dikerubimeng, ya ikela mohatong wa monyako wa tempele; tempele ya tlala leru, lebala lona le ntse le tletse phatsimo ya kganya ya Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Jwale tlotla ya Morena ya nyolohela hodimo, e etswa ho dikerubime, ya ya ema monyako wa Tempele. Leru la tlala Tempele, mme lebala la tlala ho phatsima ha tlotla ya Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 10:4
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba leru le kgurumetsa tente ya pokano, mme khanya ya Jehova ya tlala tabernakele.


Esita le Moshe a sitwa ho kena tenteng ya pokano, hobane leru le ne le dutse hodima yona, le kganya ya Jehova e ne e tletse tabernakeleng.


Ka selemo sa ho shwa ha morena Osiase, ka bona Jehova a dutse teroneng e kgolo, e phahameng; mophetho wa seaparo sa hae wa tlala tempele.


Jwaloka ponahalo ya mookodi ha o bonahala lerung mohla pula, ponahalo ya kganya eo ka nqa tsohle e ne e le jwalo. E ne e ka ponahalo ya kganya ya Jehova. Eitse ha ke bona hoo, ka itiha ka sefahleho sa ka, mme ka utlwa lentswe la e mong ya buang.


Jwale, kganya ya Jehova ya tloha mohatong wa monyako wa tempele, ya ema hodima dikerubime.


mme ka bona kganya ya Modimo wa Iseraele e etla e etswa botjhabela; lentswe la wona le ne le le jwaloka modumo wa metsi a mangata; lefatshe le ne le benya ka kganya ya wona.


Ke ha moya o nkuka, wa ntlisa lebaleng le kahare; mme ka bona kganya ya Jehova e tletse ntlo.


Yaba o nkisa pela ntlo, ka monyako o ka nqa leboya; ha ke tadima, ka bona kganya ya Jehova e tletse ntlo ya Jehova, mme ka ikakgela fatshe ka sefahleho sa ka.


Yaba kganya ya Modimo wa Iseraele e tloha kerubimeng eo e neng e e okametse, ya ya mohatong wa monyako wa ntlo. Jehova a memetsa motho ya apereng lene, ya nang le lenaka la mongodi le tlamilweng lethekeng la hae,


Kganya ya morao ya ntlo ena e tla feta ya ya pele, ho bolela Jehova wa makgotla; nqalong ena ke tla bea kgotso, ho bolela Jehova wa makgotla.


Kore a ba memela phutheho yohle pela monyako wa tente ya pokano. Yaba kganya ya Jehova e hlahela phutheho kaofela.


Yaba tempele e tlala mosi o tswang kganyeng ya Modimo le matleng a wona, mme ho ne ho se ya ka kenang tempeleng, kotsi tse supileng tsa mangeloi a supileng di eso ho phethehe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ