Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 10:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Haele tshobotsi ya difahleho tsa tsona, e ne e le tsona difahleho tseo ke na beng ke di bone pela noka ya Kebare, e le ponahalo e le nngwe, e le tsona tsona. Di ne di tsamaya, e nngwe le e nngwe e lokile feela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 Difahleho tsa tsona di ne di tshwana le tseo ke neng ke ile ka di bona pela noka ya Kebare. Kerubime ka nngwe e ne e toba pele feela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 10:22
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse ka selemo sa mashome a mararo, ka kgwedi ya bone, ka tsatsi la bohlano la kgwedi, ha ke ne ke le hara ba isitsweng kgolehong nokeng ya Kebare, mahodimo a phetlwa, mme ka bona pono tse hlollang tsa Modimo.


Haele tshobotsi ya difahleho tsa tsona, bone ba tsona di ne di na le sefahleho sa monna, le sefahleho sa tau ka nqa ho le letona; hape, bone ba tsona di ne di na le sefahleho sa poho ka nqa ho le letshehadi; hapehape, tse nne di ne di na le sefahleho sa ntsu.


Di ne di tsamaya se seng le se seng se lokile tsela, di ya moo moya o ratang ho ya; ho tsamayeng ha tsona, di ne di sa tswedipane.


Dipheo tsa tsona di tshwarane; ho tsamayeng, di ne di sa tswedipane; di ntse di tsamaya di lokile feela.


Ho tsamayeng ha wona a ne a tsamaya ka dintlha tse nne tsa wona; ho tsamayeng ha wona, a ne a sa bidikane; hobane nqa efe le efe moo hlooho e neng e leba teng, a ne a e latela; ho tsamayeng ha wona a ne a sa bidikane.


E nngwe le e nngwe e ne e na le difahleho tse nne, e nngwe le e nngwe ya tsona hape e ne e na le dipheo tse nne; tlasa dipheo tsa tsona, ho ne ho hlaha ntho e kang matsoho a motho.


Mme moya wa nkuka, wa nkisa monyakong wa Botjhabela wa tempele ya Jehova, o lebileng nqa botjhabela; mme ka bona pela lemati la monyako ho eme banna ba mashome a mabedi a metso e mehlano; hara bona ka bona Jaasania, mora Assure, le Pelathia, mora Benaia, e le mahosana a setjhaba.


Hoo ke neng ke ho bona, ho ne ho na le ponahalo e kang ya seo ke na beng ke se bone mohla ke tlang ho timetsa motse; tse bonwang di ne di na le ponahalo e kang ya tseo ke na beng ke di bone nokeng ya Kebare; yaba ke ikakgela fatshe ka sefahleho.


Ke ofe ya bohlale, ya ka utlwisisang taba tseo, ya nang le kelello hore a di tsebe? Hobane ditsela tsa Jehova di lokile, ba lokileng ba tla tsamaya ho tsona, empa baikgantshi ba tla kgoptjwa ho tsona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ