Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 10:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Yaba o bua le monna ya apereng lene, a re: Kena kahare ho mabidi, tlasa dikerubime, o kakole mashala a hlenneng ka diatla tsa hao tse pedi mahareng a dikerubime, o a tshollele motseng. Mme a tla teng, ke ntse ke mmona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Morena a re ho monna ya apereng seaparo se entsweng ka lene: “Kena hara mabidi a katlasa dikerubime. Ka matsoho a hao o nke mashala a tukang, a hara dikerubime, o a hasanye hodima motse.” Yaba o kena hara mabidi ke ntse ke mo tadimile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 10:2
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A tjhesa ntlo ya Jehova, le ntlo ya morena, le matlo wohle a Jerusalema; a tjhesa le matlo wohle a maholo.


Mashala a hlenneng a ke a hlohlorehele hodima bona! Ba ke ba dihelwe malakabeng le mohomeng, ba tle ba se ke ba boela ba tsoha.


A kalla kerubime, a fofa, a haola ka mapheo a moya;


Hape, o etse dikerubime tse pedi tsa kgauta: o tle o di etse ka kgauta e teilweng, o di bee dintlheng tse pedi tsa sekwahelo.


Jehova o tla utlwahatsa ditlatse tsa lentswe la hae, a bontshe ho oma ha letsoho la hae, le kgalefo ya bohale, le mollo wa lelakabe le tjhesang, le phatloho ya leru, le tsholoho ya pula, le majwe a sefako.


Haele ponahalo ya dibopuwa tse utlwang, ponahalo ya tsona e ne e ka mashala a mollo a hlenneng, leha e le jwaloka dirumula. Mollo oo o ne o tsamaya le dibopuwa tse utlwang; mollo oo o ne o benya, mme mollong ho ne ho etswa mahadima.


Enereha dikerubime di tsamaya, mabidi le wona a tsamaye maloka le tsona; ereha dikerubime di otlolla dipheo tsa tsona ho phahamela lefatshe, mabidi a ne a sa di kgelohe.


Yaba monna ya apereng lene, ya nang le lenaka le tlamilweng lethekeng la hae, o tla ho busa ditaba, a re: Ke entse kamoo o ntaetseng kateng.


Ka tadima ho fihlela diterone di ba di bewa, mme Moholo wa matsatsi a dula; seaparo sa hae se ne se le sesweu jwaloka lehlwa, moriri wa hlooho ya hae o ne o le mosweu jwaloka boya ba nku bo hlatswehileng; terone ya hae e ne e tswa malakabe a mollo, le mabidi a yona a ne a le jwaloka mollo o tukang.


Mme lengeloi la nka pitsa ya ho tjhesa dibano, mme la e tlatsa ka mollo wa aletare, mme la e akgela lefatsheng; ha ba ha hlaha mantswe, le diaduma, le mahadima, le tshisinyeho ya lefatshe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ