Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 10:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Jwale, kganya ya Jehova ya tloha mohatong wa monyako wa tempele, ya ema hodima dikerubime.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Jwale tlotla ya Morena ya tloha monyako wa Tempele, ya ya ema kahodimo ho dikerubime.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 10:18
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A leleka motho, mme a bea dikerubime ka nqa botjhabela ho tshimo ya Edene, tse nang le lerumo le benyang le omang ka nqa tsohle, ho thiba tsela ya sefate sa bophelo.


Ba re ba ntse ba tsamaya, ba bua, babona koloi ya mollo le dipere tsa mollo, tsa ba arohanya ba babedi, mme Elia a nyolehela mahodimong ka setsokotsane.


A kalla kerubime, a fofa, a haola ka mapheo a moya;


a ipopa ka lefifi ho tshabela teng, a ikopa ka metsi a matsho le ka maru a lefifi.


Jehova o a busa, merabe e a thothomela; o dutse hodima dikerubime, lefatshe le a thekesela.


Jerusalema, baka, esere moya wa ka wa o furalla, esere ka o fetola lesupi, naha e se nang batho.


O ne o le kerubime e dipheo tse otlolohileng, ya mosireletsi; ke ne ke o beile joalo, o ne o le thabeng e halalelang ya Modimo, o ne o tsamaya majweng a benyang.


Tempele e kahare, le mathule a pela lebala, le bohato ba menyako, le difensetere tse kwetsweng, le dikgorwana tse sikang le ntlo hlahlamanong ya tsona se tharo, mabapa le bohato ba menyako, di ne di manehilwe ka dipolanka ka nqa tsohle, le ho tloha fatshe ho isa difensetereng; difensetere tsona di ne di kwahetswe.


mme ka bona kganya ya Modimo wa Iseraele e etla e etswa botjhabela; lentswe la wona le ne le le jwaloka modumo wa metsi a mangata; lefatshe le ne le benya ka kganya ya wona.


A re ho nna: Mora motho, na o bona seo ba se etsang na? Na o bona manyala a maholo ao ba ntlo ya Iseraele ba a etsang mona, hore ba tle ba ntshuthise pela sehalalelo sa ka? Empa o sa tla bona manyala a mang a maholo.


Leha ba hodisa bana ba bona, ke tla ba amoha bona ba sa le batjha. E, ho madimabe bona, mohla ke ba furallang!


Monga hae a tsoha e sa le ka meso, a bula mamati a ntlo, mme a tswela ntle, a re o ya tswela pele tseleng ya hae; a mpa a bona mosadi eo, e leng serethe sa hae, a rapaletse monyako wa ntlo, matsoho a hae a le sefateng se hatwang sa monyako.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ