Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 10:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ha ke boela ke tadima, ka bona sebakeng se okametseng dihlooho tsa dikerubime ho le ho kang lejwe la safire, ho kang ntho e nang le ponahalo ya terone, e bonwang hodimo ho tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Ka tadima, mme ka bona ho kang terone e entsweng ka lejwe la bohlokwa la safire, ho le kahodimo ho loapi le neng le okametse dihlooho tsa dikerubime.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 10:1
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale Jehova a re: Na nka patela Abrahama seo ke yang ho se etsa,


A emisa mahlo, a tadima, mme a bona banna ba bararo, ba eme pela hae; eitse ha a ba bona, a tloha monyako wa tente ya hae, a titima, a ba kgahlanyetsa, a inamela fatshe,


Yaba banna ba tloha, ba leba Sodoma; empa Abrahama a sala pela Jehova.


A re: Bona hle, ke betile pelo ho bua le Morena: Ekaba ho ka fumanwa teng ba lokileng ba mashome a mabedi feela. A re: Nke ke ka o senya ka baka la ba mashome a mabedi bao.


A leleka motho, mme a bea dikerubime ka nqa botjhabela ho tshimo ya Edene, tse nang le lerumo le benyang le omang ka nqa tsohle, ho thiba tsela ya sefate sa bophelo.


Yaba Jakobo o sala a nnotshi, mme motho a betana le yena ho isa mafube ha a hlaha.


Jakobo a rea nqalo eo lebitso la Peniele (sefahleho sa Modimo), ka ho re: Ke tadimane difahleho le Modimo, mme bophelo ba ka bo bolokehile.


A kalla kerubime, a fofa, a haola ka mapheo a moya;


ba bona katlasa maoto a wona mosebetsi wa safire o bonaletsang, o hlwekileng jwaloka lehodimo.


Kamora tshiu tse ngata, Jehova a re ho nna: Tloha, o ye Eufrate, o nke teng senyepa seo ke neng ke o laele hore o se pate teng.


Yaba lentswe la Jehova le tla ho nna, la re:


Eitse ka selemo sa mashome a mararo, ka kgwedi ya bone, ka tsatsi la bohlano la kgwedi, ha ke ne ke le hara ba isitsweng kgolehong nokeng ya Kebare, mahodimo a phetlwa, mme ka bona pono tse hlollang tsa Modimo.


E ne e le sona sebopuwa seo ke na beng ke se bone katlasa Modimo wa Iseraele, pela noka ya Kebare, mme ka tseba hoba ke dikerubime.


Yaba dikerubime di emisa dipheo tsa tsona, di ena le mabidi maloka le tsona, le kganya ya Modimo wa Iseraele e di okametse nqa hodimo.


Yaba monna ya apereng lene, ya nang le lenaka le tlamilweng lethekeng la hae, o tla ho busa ditaba, a re: Ke entse kamoo o ntaetseng kateng.


Ke tla ema tulong ya ka ya bolebedi, ke tla hlwella toreng ya sebohodi, ke tle ke lebele ho bona seo Jehova a tla se bolela ka ho nna, le seo nka fetolang dillo tseo tsa ka ka sona.


Modimo ha o a ka wa bonwa ke motho le ka mohla o le mong; Mora a nnotshi, ya sefubeng sa Ntate, ke yena ya re tsebisitseng wona.


ao o sebeditseng ka wona ho Kreste, ha o mo tsosa bafung, wa ba wa mo dudisa letsohong le letona la wona, mahodimong,


Yaba Jehova o re ho Joshua: Bona, ke neetse Jeriko matsohong a hao, le morena wa teng, le bahale ba teng.


ya ileng lehodimong, ya dutseng letsohong le letona la Modimo, eo mangeloi, le marena, le mebuso e beilweng tlasa hae.


mme hara dikandelare ka bona e mong ya kang mora motho, ya apereng kobo e hohobang maotong, ya itlamileng sefubeng ka senyepa sa kgauta.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ