Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 1:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Jwaloka ponahalo ya mookodi ha o bonahala lerung mohla pula, ponahalo ya kganya eo ka nqa tsohle e ne e le jwalo. E ne e ka ponahalo ya kganya ya Jehova. Eitse ha ke bona hoo, ka itiha ka sefahleho sa ka, mme ka utlwa lentswe la e mong ya buang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

28 Serakwe seo se ne se phatsima jwaloka mookodi hara maru ha pula e ena. Serakwe sena e ne e le se tshwantshang tlotla ya Morena. Yare ha ke se bona ka itihela fatshe ka sefahleho, mme ka utlwa lentswe la ya buang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 1:28
30 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Abrame o wa ka sefahleho, mme Modimo wa nna wa bua le yena, wa re:


Yare ha Aarone a ntse a bolella phutheho yohle ya bana ba Iseraele, ha ba qala ho tadima nqa lefeelleng, ba tshoha kganya ya Jehova e bonahala lerung.


Ha ho esa, le tla bona kganya ya Jehova; hobane o utlwile kamoo le dumadumetseng Jehova kateng. Na rona re bomang, le ka re ngangisang?


Kganya ya Jehova ya dula thabeng ya Sinai, mme leru la e apesa ka matsatsi a tshseletseng; ka la bosupa, a bitsa Moshe a le lerung.


Ponahalo ya kganya ya Jehova e ne e ka mollo o timetsang qhoweng ya thaba, mahlong a bana ba Iseraele.


Yaba kganya ya Jehova e tloha dikerubimeng, ya ikela mohatong wa monyako wa tempele; tempele ya tlala leru, lebala lona le ntse le tletse phatsimo ya kganya ya Jehova.


Yaba ke a ema, ka ya nahathothe, mme ka bona kganya ya Jehova e eme teng, jwaloka kganya eo ke neng ke e bone pela noka ya Kebare; yaba ke itiha ka sefahleho sa ka.


mme ka bona kganya ya Modimo wa Iseraele e etla e etswa botjhabela; lentswe la wona le ne le le jwaloka modumo wa metsi a mangata; lefatshe le ne le benya ka kganya ya wona.


Yaba o nkisa pela ntlo, ka monyako o ka nqa leboya; ha ke tadima, ka bona kganya ya Jehova e tletse ntlo ya Jehova, mme ka ikakgela fatshe ka sefahleho sa ka.


Mme bonang, kganya ya Modimo wa Iseraele e ne e le hona teng, eka eo ke neng ke e bone kgohlong.


Yaba o atamela moo ke emeng teng; ha a etla, ka tlakasela, ka wa ka sefahleho, a mpa a re ho nna: Ela hloko, ngwana motho, pono eo e tla phetheha mehleng ya qetello.


Ha tswa mollo pontsheng ya Jehova, wa tjhesa setjheso le mafura aletareng; setjhaba kaofela sa ba sa bona, mme batho ba tshela mehoo ya thabo, ba wela fatshe ka difahleho.


A wela fatshe, a utlwa lentswe le reng ho yena: Saule, Saule, o ntlhorisetsang na?


e leng Baiseraele, bao ho bewa bana e leng ha bona, le kganya, le dilekane, le peo ya molao, le tshebeletso ya Modimo, le dipallo,


Efela jwale, re bona ka seipone, ka lerotho; mohlang oo, re tla senola, difahleho di tadimane; jwale, ke tseba ka nqa e le nngwe feela; mohlang oo, ke tla tseba jwalokaha ke tsebilwe le nna.


Yaba ke bona lengeloi le leng le matla, le theohang lehodimong, le ipopileng ka leru, le rwetse mookodi hloohong; sefahleho sa lona se ne se le jwaloka letsatsi, le maoto a lona e ne e ka ditshiya tsa mollo;


Ya dutseng ho yona, ha ke mmona, o ne a tshwana le lejwe la jaspe le la sardone, mme terone e ne e teetswe hare ke mookodi o kang emerauda, ha ho tadingwa.


Yare ha malakabe a aletare a nyolohela lehodimong, lengeloi la Jehova la nyoloha le lona malakabeng a aletare, Manowa le mosadi wa hae ba ntse ba tadimile; mme ba itihela fatshe ka difahleho tsa bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ