Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 1:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Mme ka bona ho kang koporo e hlenneng, hoo e kang ke mollo o mo etseditseng bodulo ka nqa tsohle; ho tloha ho hoo e kang ke letheka la hae, nqa hodimo, le ho tloha ho hoo e kang le letheka la hae, nqa tlase, ka bona eka ke mollo le kganya e mo teelang hare.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 Ho tloha lethekeng la hae ho ya hodimo ka bona ho kang lethose le hlenneng, le hara mollo; ho tloha thekeng ho ya tlase, motho eo a ka mollo, kganya e phatsimang e mo etseditse serakwe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 1:27
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kganya le letlotlo di pela hae, matla le thabo di sehalalelong sa hae.


o a tla, Modimo wa rona, o ke ke wa kgutsa; o etellwa pele ke mollo o timeletsang, o teetswe hare ke sefefo se tshabehang.


Maru le botsho di mo teetse hare; ho loka le kahlolo ke motheo wa terone ya hae.


Ponahalo ya kganya ya Jehova e ne e ka mollo o timetsang qhoweng ya thaba, mahlong a bana ba Iseraele.


Eitse ha ke tadima, ka bona moya wa sefefo o tswang leboya, ho le leru le leholo le tswakaneng le mollo, le benyang ka nqa tsohle; bohareng ba lona ho le ntho e kang koporo e hlenneng, kahare ho mollo;


Ha ke tadima, ka bona hoo e kang motho, sebopeho sa hae se le jwaloka mollo; ponahalo ya matheka a hae, ho isa tlase, e ne e le mollo; ho tloha mathekeng a hae ho isa hodimo, e ne e ka kganya, e ka ponahalo ya koporo e hlenneng.


Ho hlaha kganya e kang ya letsatsi; mahlasedi a tswa ho yena; ke moo matla a hae a patetsweng teng.


Hobane Jehova, Modimo wa hao, ke mollo o timeletsang, ke Modimo o boulelang.


ka mollo o tukang, ho iphetetsa ho ba sa tsebeng Modimo, le ho ba sa utlweng Evangeli ya Jesu Kreste, Morena wa rona.


hobane Modimo wa rona ke mollo o timeletsang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ