Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 1:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Enereha di tsamaya, ke ne ke utlwa modumo wa dipheo tsa tsona eka modumo wa metsi a mangata, hape eka lentswe la Ya matla wohle, e le modumo wa tlatlarietso, o kang modumo o diahelong. Ereha di ema, di lepeletse dipheo tsa tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 Ha dibopuwa tsena di tsamaya, ka utlwa modumo wa mapheo a tsona, o kang modumo wa metsi a hwasang, o kang wa lentswe la ya Matla wohle, o kang wa lerata la lebotho le leholo. Ha di ema, di ne di phutha mapheo a tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 1:24
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane Morena o ne a utlwisitse makgotla a Siria modumo wa makoloi, le modumo wa dipere, le modumo wa bahlabani ba bangata, ba ba ba bolellana, ba re: Bonang, morena wa Iseraele o re memetse marena a Bahethe le marena a Baegepeta.


Utlwang! utlwang ho duma ha lentswe la wona, le modumo o tswang molomong wa wona!


Jehova a duma lehodimong, Mookamedi ya phahameng a utlwahatsa lentswe la hae, e le difako le mashala a hlenneng.


Binelang ya haolang ka sebaka sa mahodimo a kamehla. Utlwang! o utlwahatsa lentswe la wona, lentswe le tlerolang.


Modumo wa dipheo tsa dikerubime wa utlwahala le lebaleng le kantle, o ka lentswe la Modimo o matla wohle, ha o bua.


le modumo wa dipheo tsa dibopuwa, ha di fapana, hammoho le modumo wa mabidi a maloka le tsona, le modumo wa serwakgametsa.


mme ka bona kganya ya Modimo wa Iseraele e etla e etswa botjhabela; lentswe la wona le ne le le jwaloka modumo wa metsi a mangata; lefatshe le ne le benya ka kganya ya wona.


Mmele wa hae o ne o ka krisolithe, sefahleho sa hae se ne se tsekema jwaloka lehadima, mahlo a hae a ne a le jwaloka mabone a tukileng; matsoho le maoto a hae e ne e ka koporo e bentshitsweng; lentswe la hae, ha a bua, le ne le le jwaloka lentswe la ba bangata.


maoto a hae a ne a tshwana le koporo e benyang, a le jwaloka hoja a hlenne seboping; lentswe la hae le ne le le jwaloka modumo wa metsi a mangata.


Ka utlwa le ho kang lentswe la bongata bo boholo, le ho kang modumo wa metsi a mangata, le ho kang lentswe la diaduma tse matla, le re: Alleluya! Hobane Morena, Modimo wa rona o matla wohle, o a busa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ