Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 1:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Haele ponahalo ya dibopuwa tse utlwang, ponahalo ya tsona e ne e ka mashala a mollo a hlenneng, leha e le jwaloka dirumula. Mollo oo o ne o tsamaya le dibopuwa tse utlwang; mollo oo o ne o benya, mme mollong ho ne ho etswa mahadima.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Tshobotsi ya dibopuwa tsena tse phelang e ne e ka mashala a hlenneng, kapa e ne e ka dirumola. Mollo oo o ne o tsekema hara dibopuwa tsena, o kganya haholo, mme lehadima le etswa ho wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 1:13
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse ha letsatsi le se le diketse, ho se ho phirimile, bonang, ha eba sebopi se kubellang, mme lelakabe la mollo la tsamaya pakeng tsa mekgekgetho eo.


O etsa meya manqosa a hae, malakabe a mollo ke bahlanka ba hae.


Maoto a tsona e ne e le maoto a tsepameng; haele bohato ba maoto a tsona, e ne e ka bohato ba tlhako tsa namane; a ne a benya jwalokaha ho benya koporo e bentshitsweng.


Yaba o bua le monna ya apereng lene, a re: Kena kahare ho mabidi, tlasa dikerubime, o kakole mashala a hlenneng ka diatla tsa hao tse pedi mahareng a dikerubime, o a tshollele motseng. Mme a tla teng, ke ntse ke mmona.


Ka tadima ho fihlela diterone di ba di bewa, mme Moholo wa matsatsi a dula; seaparo sa hae se ne se le sesweu jwaloka lehlwa, moriri wa hlooho ya hae o ne o le mosweu jwaloka boya ba nku bo hlatswehileng; terone ya hae e ne e tswa malakabe a mollo, le mabidi a yona a ne a le jwaloka mollo o tukang.


Sefahleho sa lona se ne se le jwaloka lehadima, seaparo sa lona se le sesweu jwaloka lehlwa.


mme lona ba tshwenngwang, le etsetswe phomolo le rona, mohla Morena Jesu a bonahalang a etswa lehodimong, le mangeloi a matla a hae,


Yaba ke bona lengeloi le leng le matla, le theohang lehodimong, le ipopileng ka leru, le rwetse mookodi hloohong; sefahleho sa lona se ne se le jwaloka letsatsi, le maoto a lona e ne e ka ditshiya tsa mollo;


Kamora tseo, ka bona lengeloi le theoha lehodimong, le ena le matla a maholo; mme lefatshe la boneswa ke kganya ya lona.


Teroneng eo ho ne ho etswa mahadima, le diaduma, le mantswe; mme pela terone ho ne ho tuka dilampi tse supileng, tseo e leng Meya e supileng ya Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ