Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 1:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Haele tshobotsi ya difahleho tsa tsona, bone ba tsona di ne di na le sefahleho sa monna, le sefahleho sa tau ka nqa ho le letona; hape, bone ba tsona di ne di na le sefahleho sa poho ka nqa ho le letshehadi; hapehape, tse nne di ne di na le sefahleho sa ntsu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 Fahleho tsa tsona di ne di le tjena: Sebopuwa ka seng se ne se ena le sefahleho se kang sa motho, ka lehlakoreng le letona e le se kang sa tau, ka ho le letshehadi e le se kang sa poho, mme sebopuwa ka seng se ena le sefahleho se kang sa ntsu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 1:10
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho Bagade ha tloha bahale ba tshwanelang ntwa ho ya e lwana, ba hlometseng thebe le lerumo; mahlo a bona a ne a tshwana le a ditau, ka lebelo ba ne ba le jwaloka matsa dithabeng; ba ne ba tlile ho Davida, ha a le seqhobong:


A ke ka taelo ya hao ntsu e phahamang, e ye ho haha ntlo ya yona phahameng na?


Moo kgomo di leng siyo, mediko e hloka dijo; empa matla a dipholo a ekeletsa leruo.


Empa ba itshepelang Jehova ba bona matla a matjha, ba fofa jwaloka ntsu, ba matha, mme ha ba kgathale; ba tsamaya, mme ha ba fokole.


Hopolang taba tseo, le etse ka senna; lona baikgantshi, ikelellweng!


Se seng le se seng se ne se na le difahleho tse nne, hape se seng le se seng se ne se na le dipheo tse nne.


E nngwe le e nngwe e ne e na le difahleho tse nne. Sefahleho sa ya pele e ne e le sefahleho sa kerubime, sefahleho sa ya bobedi e ne e le sefahleho sa motho, sa ya boraro e le sefahleho sa tau, sa ya bone e le sefahleho sa ntsu.


se seng e le sefahleho sa motho, se lebile nqa palemeng e ka kwano, se seng e le sefahleho sa tau, se tadimile nqa palemeng e ka kwana; di entswe jwalo tlung yohle ka nqa tsohle.


Sa pele se ne se ka tau, se ena le mapheo a ntsu; ka tadima ho fihlela mapheo a sona a hlojwa, mme sa nkwa fatshe, sa emiswa ka maoto a sona jwaloka motho, sa newa pelo ya motho.


Ka nqa borwa, ho hlongwe folaga ya ntlo ya Rubene, ka makgotla a yona; ke morena wa bana ba Rubene, Elitsure, mora Shedeure,


Ka nqa bophirimela, ho hlongwe folaga ya ntlo ya Efraime, ka makgotla a yona; ke morena wa bana ba Efraime, Elishama, mora Ammihude,


Ka nqa leboya, ho hlongwe folaga ya ntlo ya Dane, ka makgotla a yona; ke morena wa bana ba Dane, Akiesere, mora Ammishaddai,


Ka nqa botjhabela, pela tente, ho hlongwe folaga ya ntlo ya Juda, ka lekgotla la yona; ke morena wa banna ba Juda, Nasone, mora Amminadabe,


Ke a le bolella, ka mokgwa o jwalo thabo e teng pela mangeloi a Modimo ka moetsadibe a le mong ya bakang.


Banabeso, le se ke la ba bana hlalefong, le mpe le be bana lonyeng; mme haele hlalefong, le be banna.


Jehova o tla lata setjhaba se hole se qetellong ya lefatshe, se lebelo jwaloka ntsu e fofang, ho tla o lwantsha, setjhaba seo o ke keng wa utlwa puo ya sona,


Sebopuwa se phelang sa pele se ne se tshwana le tau; sebopuwa se phelang sa bobedi se ne se le jwaloka namane; sebopuwa se phelang sa boraro se ne se na le sefahleho se kang sa motho; mme sebopuwa se phelang sa bone se ne se ka ntsu e fofang.


Yaba e mong wa baholo o re ho nna: Se lle; bona, tau ya leloko la Juda, lehlomela la Davida, e hlotse, e tle e tsebe ho phetla buka le ho manolla ditiiso tse supileng tsa yona.


Ka la bosupa, letsatsi le eso ho dikele, banna ba mmotsa, ba re ho yena: Se fetisang dinotshi ka ho hlaboseha e ka ba eng, mme se fetisang tau ka matla keng? A re ho bona: Hola le sa ka la lema ka sethole sa ka, le ka be le sa ka la nepa selotho sa ka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ