Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esthere 9:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 ba rera hore matsatsi ao a tla elellwa le ho kgethwa mehleng yohle, tlung e nngwe le e nngwe, le naheng e nngwe le e nngwe, le motseng o mong le o mong, le hore matsatsi ao a Purime a ke ke a hlokahala hara Bajuda, leha e le kgopotso ya teng ho hlakoha kelellong ya ditloholo tsa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

28 Ba itlama hape hore matsatsi ana a Purime a tla hopolwa ke meloko yohle, le ke malapa wohle, dinaheng tsohle, le metseng yohle, le hore a ke ke a lebalwa ke Bajuda le ke ditloholo tsa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esthere 9:28
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bajuda ba rera, mme ba ikgethela, ba kgethela le ditloholo tsa bona le bohle ba ka ba kgomarelang, hore ba ke ke ba lesa ho kgetha matsatsi ao a mabedi, selemong se seng le se seng, ka molao wa teng o ngodilweng, le ka nako e beilweng;


Mofumahadi Esthere, moradi wa Abikaile, le Mojuda Mordekai, ba ngola ba neilwe matla wohle, ba tiisa lengolo la bobedi hodima Purime.


Boka Jehova, moya wa ka, o se ke wa lebala ditshitso tsohle tsa hae!


Leloko le leng a le ke le bolelle leloko le hlahlamang mesebetsi ya hao, le tumise diketso tsa hao tse phahameng!


Le tla nne le kgethe mokete wa bohobe bo se nang ditomoso, hobane e tla be e le ka letsatsi leo ke ntshitseng makgotla a lona naheng ya Egepeta; le tla boloka letsatsi leo melokong ya lona, ke taelo e sa feleng.


Haele meqhaka, e tla bewa tlung ya Jehova, e tle e be kgopotso ya Heleme, le ya Tobija, le ya Jedaia, le ya Hene mora Sofonia.


le no re ho bona: Ke hobane metsi a Jordane a ne a kgaolwe pela areka ya selekane sa Jehova; mohla e tshelang Jordane, metsi a Jordane a kgaolwa; mme majwe ana ke kgopotso ya kamehlamehla ho bana ba Iseraele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ