Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esthere 9:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Bajuda ba rera, mme ba ikgethela, ba kgethela le ditloholo tsa bona le bohle ba ka ba kgomarelang, hore ba ke ke ba lesa ho kgetha matsatsi ao a mabedi, selemong se seng le se seng, ka molao wa teng o ngodilweng, le ka nako e beilweng;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 tsena tsa etsa hore Bajuda ba itlame, bona le bana ba bona, le bohle ba tla ipitsa Bajuda, hore ba tla hopola matsatsi ao a mabedi, ho latela kamoo ho ngotsweng kateng, le ho latela nako e beilweng ka selemo le selemo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esthere 9:27
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Naheng e nngwe le e nngwe, le motseng o mong le o mong, nqalong tsohle tseo polelo ya morena le taelo ya hae di fihlileng ho tsona, Bajuda ba dula thabong le nyakallong, ba etsa diboka le letsatsi la mokete; esita le ba bangata hara ditjhaba tsa lefatshe ba iketsa Bajuda, ka hobane letsoso la Bajuda le ne le ba wetse hodimo.


Mordekai a ngola ditaba tseo, mme a romela mangolo ho Bajuda bohle ba dinaheng tsohle tsa morena Assueruse, ho ba leng haufi le ho ba leng hole,


hore ho tiiswe hara bona hore, ka selemo se seng le se seng, ba tle ba kgethe letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya Adare le letsatsi la leshome le metso e mehlano,


ba rera hore matsatsi ao a tla elellwa le ho kgethwa mehleng yohle, tlung e nngwe le e nngwe, le naheng e nngwe le e nngwe, le motseng o mong le o mong, le hore matsatsi ao a Purime a ke ke a hlokahala hara Bajuda, leha e le kgopotso ya teng ho hlakoha kelellong ya ditloholo tsa bona.


hore le bona ba o bolelle bana ba bona, ba ke ba itshepele Modimo, ba se ke ba lebala diketso tsa Modimo, mme ba boloke ditaelo tsa wona;


Ditjhaba tse ngata di tla ya, di re: Tloong, re nyoloheleng thabeng ya Jehova, ka tlung ya Modimo wa Jakobo, o tle o re rute mekgwa ya wona, re tsamaye ditseleng tsa wona; hobane molao o tla tswa Sione, lentswe la Jehova le tswe Jerusalema.


Motho wa ditjhaba, ya kgomaretseng Jehova, a se ke a hlahisa puo ya ho re: Jehova o tla nkgaola setjhabeng sa hae; le leqhalaha le se ke la re: Ke sefate se omeletseng.


Haele bana ba baditjhaba ba kgomaretseng Jehova, ho mo sebeletsa le ho rata lebitso la Jehova, hore e tle e be bahlanka ba hae, bona kaofela ba bolokang sabbatha, ba tshabang ho e silafatsa, mme ba tiisetsa selekaneng sa ka,


O tla hopola metsamao ya hao, o hlabiswe ke dihlong ka yona, mohla o amohelang banabeno, baholwane ba hao le baena ba hao, bao ke tla o nea bona hore e be baradi ba hao, empa e seng ka ho ya ka selekane sa hao.


Ditjhaba tse ngata di tla kgomarela Jehova ka tsatsi leo, mme e tla ba setjhaba sa ka; ke tla dula kahare ho wena, o tle o tsebe hobane Jehova wa makgotla o nthomile ho wena.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Tshiung tseo, banna ba leshome ba dipuo tsohle tsa ditjhaba ba tla itshwarella ka moseho wa kobo ya monna wa Mojuda, ba re: Re tla ya le lona, hobane re utlwile hoba Jehova o na le lona.


Molao o tla ba mong wa phutheho, wa lona le wa moditjhaba ya aheletseng hara lona; e be molao wa kamehla melokong ya lona; kamoo ho leng kateng bakeng sa lona, le bakeng sa modijhaba ho tla ba jwalo pela Jehova.


Jehova ha a ka a etsa selekane seo le bontata rona, empa o se entse le rona bohle bao re leng mona, re sa phelang kajeno.


Joshua a etsa kgotso le bona, a hlaba selekane le bona, sa ho ba tlohela ba phela; mme hlooho tsa phutheho tsa itlamela hona ka kano.


Hoo ye eba mokgwa Iseraeleng: Ka dilemo tsohle, barwetsana ba Iseraele ba ya ka matsatsi a mane selemong se seng le se seng ho bina dithoko tsa moradi wa Jafeta Mogileade.


Taba eo ya eba molao le mokgwa Iseraeleng, haesale mohlang oo, le mehleng ya morao, ho fihlela la kajeno.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ