Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esthere 9:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ha ho le jwalo, Bajuda ba Susane ba boela ba phutheha ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya Adare, mme ba bolaya batho ba makgolo a mararo Susane, ba mpa ba sa ka ba hapa letho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya Hlakubele, Bajuda ba Shushane ba kgobokana, mme ba bolaela batho ba makgolo a mararo hona moo Shushane, empa ba se ke ba hapa thepa ya bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esthere 9:15
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka mangolo ao morena o ne a dumella Bajuda, motseng o mong le o mong, ho phutheha le ho lwanela bophelo ba bona, ho bolaya, ho fedisa le ho timetsa makgotla wohle a hlometseng a batho ba ka ba lwantshang dinaheng tsohle, hammoho le bana ba bona le basadi ba bona, le ho hapa dintho tsa bona.


e leng bara ba leshome ba Hammane, mora Hammedatha, motshwenyi wa Bajuda; empa ha ba ka ba hapa letho.


Morena a re ho mofumahadi Esthere: Susane, motse wa moreneng, Bajuda ba bolaile, ba timeditse batho ba makgolo a mahlano le bara ba leshome ba Hamane. Ha ho le jwalo, ba entseng dinaheng tse ding tsa morena? Le jwale, o kopa eng? O tla e newa. O sa qosa eng? Ho tla etswa jwalo.


Esthere a re: Ha morena a dumela, Bajuda ba Susane ba boele ba dumellwe le hosasane ho etsa ka taelo ya kajeno, mme ho ke ho fanyehwe difateng bara ba leshome ba Hamane.


Morena a laela hore ho etswe jwalo; ha bolelwa taelo Susane, mme bara ba leshome ba Hamane ba fanyehwa difateng.


Bajuda ba bang, ba leng dinaheng tsa morena, ba phutheha le bona, mme ba lwanela bophelo ba bona; ba bona phomolo ho dira tsa bona, mme ba bolaya batho ba dikete tse mashome a supileng a metso e mehlano hara ba ba hloileng, empa ha ba ka ba hapa letho.


Bajuda ba phutheha metseng ya bona, dinaheng tsohle tsa morena Assueruse, hore ba ise letsoho ho bohle ba ratileng ho ba ntsha kotsi; ha ho a ka ha eba le a mong ya kileng a tseba ho ema pela bona, etswe letsoso la bona le ne le wetse ditjhaba tsohle.


Ketso tsa lona di hloke takatso ya ho rua; le kgolwe ke tseo le nang le tsona; hobane Modimo ka sebele o itse: Nke ke ka o tlohela, nke ke ka o lahla.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ