Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esthere 9:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Esthere a re: Ha morena a dumela, Bajuda ba Susane ba boele ba dumellwe le hosasane ho etsa ka taelo ya kajeno, mme ho ke ho fanyehwe difateng bara ba leshome ba Hamane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Yaba Esetere o re: “Haeba e le ntho e ka kgahlang kgosi, a ho ke ho dumellwe Bajuda ba Shushane, hore hosasane le bona ba etse seo taelo ena ya kajeno e se bolelang, le hore bara ba Hamane ba leshome ba fanyehwe sefateng seo ho fanyehwang batho ho sona.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esthere 9:13
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

a re ke re fuwe banna ba supileng bao e leng bara ba hae, re ba fanyehe pela Jehova, Gibea wa Saule motlotsuwa wa Jehova. Morena a re: Ke le file bona.


a ba neela matsohong a ba Gibeone, mme ba ba fanyeha thabeng pela Jehova. Bao ba supileng ba eshwa jwalo hammoho, ba bolawa nakong ya ho kotula, matsatsing a pele ha batho ba qala ho hela harese.


Ka mangolo ao morena o ne a dumella Bajuda, motseng o mong le o mong, ho phutheha le ho lwanela bophelo ba bona, ho bolaya, ho fedisa le ho timetsa makgotla wohle a hlometseng a batho ba ka ba lwantshang dinaheng tsohle, hammoho le bana ba bona le basadi ba bona, le ho hapa dintho tsa bona.


Morena a laela hore ho etswe jwalo; ha bolelwa taelo Susane, mme bara ba leshome ba Hamane ba fanyehwa difateng.


Ha ho le jwalo, Bajuda ba Susane ba boela ba phutheha ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya Adare, mme ba bolaya batho ba makgolo a mararo Susane, ba mpa ba sa ka ba hapa letho.


Kreste o re lopolotse thohakong ya molao, ka ho etswa thohako bakeng sa rona; — hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ho rohakwe mang le mang ya fehilweng sefateng;


setopo sa hae se se ke sa sala sefateng bosiu bohle, o mpe o se epele ka lona letsatsi leo; hobane ya fanyehilweng o rohakilwe ke Modimo, mme ha o na ho silafatsa lefatshe leo Jehova, Modimo wa hao, a o fang lona ho le rua.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ