Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esthere 8:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Bajuda ba dula leseding le thabong, nyakallong le hlonephong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 Bajuda ba hlahelwa ke lesedi, le thabo, le nyakallo, le tlotla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esthere 8:16
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eya phutha Bajuda bohle ba leng teng Susane; le itime dijo bakeng sa ka; le se ke la ja, leha e le ho nwa ka tshiu tse tharo, bosiu le motshehare; le nna le barwetsana ba ka, re tla itima dijo jwalo, ke ntoo kena ho morena, leha molao o sa dumele; mme leha nka timela, ke mpe ke timele.


Tseo ba di etsa ka tsatsi la leshome le metso e meraro la kgwedi ya Adare, mme ba phomola ka la leshome le metso e mene, ba le etsa letsatsi la mokete le la thabo.


Lefifing, lesedi le tjhabela ya lokileng; o mohau, o lereko, o lokile.


Jehova ke Modimo, mme ke yena ya re bonesang. Tshwarang kgomo ya sehlabelo ka marapo, le e tlise manakeng a aletare!


Le jwale o kgantsha lebone la ka; Jehova, Modimo wa ka, o edisa lefifi la ka.


Wa ba wa fetola dikgapa tsa ka nyakallo, wa lokolla lesela la ka le mahwashe, wa ntlama ka senyepa sa thabo, pelo ya ka e tle e o binele, e se ke ya kgutsa. Jehova, Modimo wa ka, ke rata ho o rorisa ka ho sa feleng.


Lesedi le jaletswe ya lokileng, thabo e neilwe ba pelo e lokileng.


Ha ba lokileng ba atleha, motse o a thaba; empa mohla ho timelang ba babe, ke ditlatse feela.


Mohla ba lokileng ba hlolang, boiketlo bo teng; empa ba babe ha ba phahama, ho ipatwa ke batho.


Ba lopolotsweng ke Jehova ba tla kgutla, ba boele Sione ka difela tsa hlolo, ba rwetse thabo e sa feleng hloohong; lehlohonolo le thabo di tla tla ho ba kgahlanyetsa, bohloko le masisapelo di balehe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ