Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esdrase 9:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 re boela re tlola melao ya hao jwang, le ho itswakanya le ditjhaba tseo tse manyala, ka ho nyallana le tsona? Na o ke ke wa re halefela, o be o re timetse, o se ke wa siya le masala, leha e le ya phonyohang na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Na ebe re sa tla boela re tlola melao ya hao, re nyallana le ditjhaba tsee, tse etsang dintho tse nyonyehang hakaale? Na o ke ke wa re halefela, mme wa qetella o re timeditse, hoo ho ke keng ha eba le mesaletsana kapa ba phonyohang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esdrase 9:14
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba moprista Esdrase o ema, a re ho bona: Le ikgantshitse ka ho nyala basadi basele, mme kahoo le ekeditse molato wa Iseraele.


Ke mona ba nyetse baradi ba bona, ba ba nyadisitse le bara ba bona, mme mofuta o halalelang o se o itswakantse le ditjhaba tsa naha tseo. Boikgantsho boo bo qadilwe ke dihlooho le bahlahlobi.


Mme jwale, Jehova, Modimo wa rona, o re hauhetse ka motsotso o seng mokae, hore a tle a re siele masala a seng makae, le ho re etsetsa setshabelo nqalong ya hae e kgethehileng, hore Modimo wa rona o boele o edise mahlo a rona le ho tsosa bophelo ba rona hanyenyane, kgolehong ya rona.


Hleka haele mona Modimo wa rona o re hlahiseditse, rona le motse ona, dikotsi tseo tsohle, na hase kahobane bontata lona ba ile ba etsa tse jwalo na? Athe le lona le ya ekeletsa Baiseraele bohale ka ho hlompholla Sabatha!


O se ke wa etsa selekane le bona, kapa le medimo ya bona.


Jwale, o ntlohele, bohale ba ka bo tle bo ba tukele, ke ba timetse; haele wena, ke tla o etsa setjhaba se seholo.


Hojane Jehova wa makgotla a sa ka a re bolokela masala a phonyohileng, re ka be re entswe jwaloka Sodoma, re ka be re tshwana le Gomorra.


Na le se le lebetse diketso tse mpe tsa bontata lona, le diketso tse mpe tsa marena a Juda, le diketso tse mpe tsa basadi ba wona, le diketso tse mpe tsa lona, le diketso tse mpe tsa basadi ba lona, tseo ba ileng ba di etsa naheng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema na?


Wena, o se ke wa tshaba, mohlanka wa ka, Jakobo, ho bolela Jehova, hobane ke na le wena, hobane ke tla fedisa ditjhaba kaofela tseo ke o qhalanyeditseng hara tsona; ha e le wena, nke ke ka o fedisa, ke tla o kgalemela ka tekanyo; leha ho le jwalo, ke sitwa ho o lesa o sa lauwe.


Empa ke tla le siela masala ao e tla ba ba phonyohileng lerumong hara ditjhaba, tseo le tla beng le qhalanyeditswe dinaheng tsa tsona.


Ikgetheng ho phutheho ena, hore ke tle ke timeletse hanghang.


Tlohang hara phutheho ena, ke tle ke e timeletse hanghang. Yaba ba itihela fatshe ka difahleho.


Kamora tseo, Jesu a mo fumana tempeleng, a re ho yena: Bona, o fodisitswe; o se ke wa hlola o etsa sebe, hore se sebe haholo ho sa pele se tle se se o hlahele.


Jwale, re tla reng? Hleka re tla hlola sebeng hore mohau o tle o ngatafale na?


Ntesele, mme ke tla ba fedisa, ke hlakole lebitso la bona tlasa lehodimo, mme wena ke tla o etsa setjhaba se fetisang sena ka matla le ka bongata.


Esita le Horebe, le phepheditse Jehova; Jehova a le halefela, a ba a hopola ho le timetsa.


Ka re: Le lona le se ke la etsa selekane le ba ahileng fatseng lena, le mpe le heletse dialetare tsa bona. Empa ha le a ka la mamela lentswe la ka; le etseditseng jwalo?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ