Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esdrase 8:36 - Sesotho 1909/1961 (SO)

36 Hape, ba nea matona a morena le babusisi ba mose o kwano ho noka ditaelo tsa morena. Yaba bao ba emela setjhaba le ntlo ya Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

36 Ba neelana ka ditaelo tsa kgosi ho balebedi ba kgosi, le ho babusi ba naha e ka bophirimela ho noka ya Euferatese. Bao ba thusa setjhaba, ba thusa le Tempele ya Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esdrase 8:36
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Thathnai, mmusisi wa naha e mose o kwano ho noka, ba ena le Shethare-Bosnai le balekane ba bona, ha ba bona tse rometsweng ke morena Dariuse, ba phakisa ba etsa ka tsona.


Hape, ka re ho morena: Ha morena a dumela, nke ke newe mangolo a yang ho babusisi ba mose wane ho noka, ba tle ba nnee tsela, ke be ke fihle Judea.


Yaba bangodi ba morena ba bitswa ka letsatsi la leshome le metso e meraro la kgwedi ya pele; ha ngolwa kahohle kamoo ho laetsweng Hamane kateng; ha ngollwa matona a morena, le babusisi ba naha e nngwe le e nngwe, le dihlooho tsa setjhaba se seng le se seng; ha ngollwa naha e nngwe le e nngwe ka mongolo wa yona, le setjhaba se seng le se seng ka puo ya sona; mangolo a etswa ka lebitso la morena Assueruse, mme a tiiswa ka lesale la morena.


Dihlooho tsohle tsa dinaha, le matona, le babusisi, le bohle ba tshwereng ditaba tsa morena, ba emela Bajuda, hobane letsoso la Mordekai le ne le ba wetse hodimo.


Jehova ha a kgahlwa ke ho tsamaya ha motho, o boelantsha dira tsa hae le yena.


Yare ha a rata ho fetela Akaea, baena ba ngolla barutuwa, ba ba kgothatsa hore ba mo amohele. Eitse ha a fihla ho bona, a thusa haholo ba dumetseng ka mohau wa Modimo.


Empa lefatshe la hla la thusa mosadi; lefatshe la ahlamisa molomo wa lona, mme la metsa noka eo drakone e neng e e phutsaladitse ka molomo wa yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ