Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esdrase 8:33 - Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Ka letsatsi la bone, ra lekanya boima ba silefera le kgauta le mesebetsi, re le ka tlung ya Modimo wa rona, ra di neela matsohong a moprista Meremothe, mora Uria, ba ena le Eleasare, mora Finease, le Josabade, mora Joshua, le Noadia, mora Binnui, e leng Balevi,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

33 Ka letsatsi la bone, silefera, le kgauta, le thepa, tsa bewa sekaleng, ka Tempeleng ya Modimo wa rona, mme tsa newa Meremote, mora wa moprista Uriya. O ne a ena le Eleasare, mora wa Finease, mmoho le Balevi, e leng Josabada, mora wa Jeshua, le Nowadiya, mora wa Binui.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esdrase 8:33
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho Balevi, ke Josabade, Shimei, le Kelaia, kapa Kelitha, Pethahia, Juda le Eliesere.


Haele Balevi, ya eba bana ba Joshua le Kadmiele, ba lesika la bana ba Hodavia, ba mashome a supileng a metso a mene.


ka ba lekanyetsa boima ba silefera le kgauta, le ba mesebetsi e leng kabelo e abetsweng ntlo ya Modimo wa rona ke morena le banna ba hae ba lekgotla le mahosana a hae le Baiseraele bohle ba neng ba le teng.


Ka di lekanya, mme ka ba nea talenta tsa silefera tse makgolo a tsheletseng a mashome a mahlano, le mesebetsi ya silefera e etsang talenta tse lekgolo, le talenta tsa kgauta tse lekgolo;


Fadimehang, le di boloke, ho fihlela mohla le tla lekanya boima ba tsona pontsheng ya dihlooho tsa baprista le Balevi, le dihloho tsa matlo a bontata Iseraele, hae Jerusalema, kamoreng tsa ntlo ya Jehova.


Ha ho le jwalo, baprista le Balevi ba amohela silefera le kgauta le mesebetsi e meng, ka boima ba tsona, e le hore ba tle ba di ise Jerusalema, tlung ya Modimo wa rona.


ka palo le ka boima ba tsona tsohle; boima ba tsohle ba ba ba ngolwa hona mohlang oo.


le banababo bona Shebania, Hodia, Kelitha, Pelaia, Hanane,


Balevi ke Joshua, mora Asania, le Binnui wa bara ba Henadade, le Kadmiele;


Kapele ho eo, Meremothe, mora Uria, mora Hakkotse, a lokisa sekoto se seng, ho tloha monyakong wa ntlo ya Eliashibe, ho ya kgutla phellong ya ntlo ya Eliashibe.


Kapele ho eo Binnui, mora Henadade, a lokisa sekoto se seng, ho tloha tlung ya Asaria, ho ya fihla koung le sekgutlong.


Mabapa le bona, ha lokisa Meremothe, mora Uria, mora Hakkotse. Mabapa le bona, ha lokisa Meshullame, mora Berekia, mora Meshesabeele; mabapa le bona, ha lokisa Tsadoke, mora Baana;


Joshua, Bani Sherebia, Jamine, Akkube, Shabbethai, Hodia, Maasaia, Kelitha, Asaria, Josabade, Hanane, Pelaia, le Balevi, ba nna ba hlalosetsa setjhaba molao, setjhaba se ntse se eme moo se emeng teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ