Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esdrase 8:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Ra tloha nokeng ya Ahava ka la leshome le metso e mmedi la kgwedi ya pele, re lebile Jerusalema. Letsoho la Modimo wa rona la nna la eba ho rona, mme wa re namolela matsohong a dira le ho ba re laletseng tseleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

31 Ka letsatsi la leshome le metso e mmedi, la kgwedi ya pele, ra tloha nokeng ya Ahafa, ra ya Jerusalema. Modimo wa rona a re hlohonolofatsa, mme a re namolela matsohong a sera, le ho ba neng ba re laletse tseleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esdrase 8:31
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ya mphumanisitseng mohau ho morena, le ho banna ba hae ba lekgotla, le ho mahosana wohle a matla a morena! Haele nna, ka nna ka ipha matla, kamoo letsoho la Jehova, Modimo wa ka, le neng le ntse le le ho nna kateng; ka ba ka phutha baholo ba Iseraele, hore ba nyolohe hammoho le nna.


A qala ho tloha Babilona ka la pele la kgwedi ya pele, a fihla Jerusalema ka le qalang kgwedi ya bohlano, kamoo letsoho le molemo la Modimo le nnileng la eba ho yena kateng.


Ka ba phutha nokeng e mathelang Ahava, mme ra emisa teng tshiu tse tharo; eitse ha ke hlahloba setjhaba le baprista, ke se ke ka fihlela le a mong wa bara ba Levi.


Le tla bona hoo, mme dipelo tsa lona di tla thaba, masapo a lona a mele jwaloka jwang; letsoho la Jehova le tla tsejwa ke bahlanka ba hae; empa o tla halefela dira tsa hae.


ba kopa hore a ba thabise ka ho mo romela Jerusalema, kanthe ba mo laletse, hore ba tle ba mmolaye tseleng.


Empa ka hobane ke bone thuso ho Modimo, ke tiiseditse ho fihlela la kajeno ho bolella ba banyenyane le ba baholo, mme ha ke a ka ka bolela ditaba tse ding, haese tseo Moshe le baporofeta ba itseng, di tla hlaha;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ