Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esdrase 8:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Ka re ho bona: Le kgethetswe Jehova; dipitsa le tsona di kgethehile; ha e le silefera le kgauta, ke mpho e etseditsweng Jehova, Modimo wa bontata lona, ka ho rata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

28 Yaba ke re ho bona: “Le a halalela mahlong a Morena, le thepa ena e a halalela. Silefera le kgauta tsona ke nyehelo ya boithaopo, e etsetswang Morena Modimo wa bontata lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esdrase 8:28
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane mosebetsi wa bona e ne e le ho tlatsa bara ba Aarone tshebetsong ya ntlo ya Jehova; ba ne ba laetswe ho baballa mabala le dikamore, le ho hlatswa ntho tsohle tse halalelang, le ho phetha mosebetsi wohle wa tshebetso ya ntlo ya Modimo;


Ho Balevi, Akija a bewa molebedi wa matlotlo a ntlo ya Modimo le wa matlotlo a ntho tse halalelang.


Eitse hobane ba qetelle, ba tlisetsa morena le Jehojada tjhelete tse setseng; ka tsona ha etswa mesebetsi ya ntlo ya Jehova, e leng mesebetsi ya tshebeletso le ya ho hlaba ditjheso, le mehope, le e meng mesebetsi ya kgauta le ya silefera. Mme ha nna ha hlajwa ditjheso ka tlung ya Jehova, ka tshiu tsohle tsa Jehojada.


le mehope e mashome a mabedi ya kgauta, e theko ya didarike tse sekete; le dipitsa tse pedi tsa koporo e hlwekileng, tse benyang jwaloka kgauta, tse kang kgauta ka theko.


Bana ba Iseraele bohle le basadi bohle ba ithatetseng ho tlisa ntho tsa mosebetsi wohle oo Jehova a neng a laetse ka Moshe hore o etswe, ba tlisetsa Jehova dikabelo tsa boithatelo.


Fallang, fallang, le tlohe mona; le se ke la ama ditshila, tswang hara bona! Itlhatsweng, lona ba jarang dipitsa tsa Jehova!


Kabelo ya hae ya eba mokeke wa silefera, boima ba wona e le dishekele tse lekgolo le nang le mashome e mararo; le morifi wa silefera, tse mashome a supileng, o leng dishekele tsa sehalalelo; tse pedi tseo di ne di tletse lefi la phofo le dubilweng ka ole, e be nyehelo;


Haele bakeng sa Levi, a re: Thummime tsa hao le Urime tsa hao di ho mokhethwa wa hao ya o ratang, eo o mo lekileng Massa, eo o mo tsekisitseng metsing a Meriba;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ