Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esdrase 8:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Hobane ke ne ke le dihlong tsa ho kopa sehlopha sa bahlabani le bapalami ho morena ho re lwantshetsa dira tseleng, etswe re ne re boleletse morena, ra re: Letsoho la Modimo wa rona le emela bohle ba o batlang, athe matla le bohale ba wona di lwantsha bohle ba o furallang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 Ke ne ke hlajwa ke dihlong ho kopa bahlabani le bapalami ba dipere ho kgosi, hore bao ba tle ba re sireletse ho dira tsa rona tseleng, hobane re ne re bua le kgosi, re re: “Letsoho la Modimo wa rona le sireletsa bohle ba mo sebeletsang, empa matla a hae le kgalefo ya hae di hodima bohle ba mo furallang.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esdrase 8:22
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haele wena, mora ka Salomone, hlokomela Modimo wa ntatao, mme o o sebeletse ka pelo yohle ya hao le ka moya o o ratang; hobane Jehova o botsisisa dipelo tsohle, mme o lekola merero yohle le mehopolo yohle. Ekare ha o mo batla, o tla fumanwa ke wena; ha o mpa o mo furalla, o tla o lahla ka ho sa feleng.


a tswela ho ya kgahlanyetsa Asa, a re ho yena: Asa, le lona Bajuda bohle le Benjamine, mmameleng. Jehova o na le lona mohla lona le nang le yena. Ha le ka nna la mmatla, o tla nne a fumanwe ke lona: mme ha le ka mo furalla, o tla le furalla le yena.


Ruri, mahlo a Jehova a qamaka lefatsheng lohle hore a emele bao pelo tsa bona e leng tsa hae kaofela. O entse ka bothoto; hobane ho qala jwale, o tla nne o hlahelwe ke dintwa.


ya mphumanisitseng mohau ho morena, le ho banna ba hae ba lekgotla, le ho mahosana wohle a matla a morena! Haele nna, ka nna ka ipha matla, kamoo letsoho la Jehova, Modimo wa ka, le neng le ntse le le ho nna kateng; ka ba ka phutha baholo ba Iseraele, hore ba nyolohe hammoho le nna.


E ne e le mongodi ya masene molaong wa Moshe oo Jehova, Modimo wa Iseraele, a neng a o neile. Morena a mo nea tsohle tseo a di kopileng, kahobane letsoho la Jehova, Modimo wa hae, le ne le le ho yena.


A qala ho tloha Babilona ka la pele la kgwedi ya pele, a fihla Jerusalema ka le qalang kgwedi ya bohlano, kamoo letsoho le molemo la Modimo le nnileng la eba ho yena kateng.


Ra tloha nokeng ya Ahava ka la leshome le metso e mmedi la kgwedi ya pele, re lebile Jerusalema. Letsoho la Modimo wa rona la nna la eba ho rona, mme wa re namolela matsohong a dira le ho ba re laletseng tseleng.


Yaba ke fihla ho babusisi ba mose wane ho noka, ka ba nea mangolo a morena. Hape, morena o ne a romile balaodi ba bang ba makgotla le bapalami ho mphelehetsa.


bona, ba kobeha, ba wa; empa rona, re tla tiya, re eme.


Jehova o lopolla bophelo ba bahlanka ba hae; bohle ba mo tshepang ba ke ke ba tsuwa.


Matla a bohale ba hao le botshabeho ba kgalefo ya hao ke mang ya di elang hloko?


Jehova o molemo ho ya mo tshepang, ho moya o mmatlang.


Mme re tseba hore dintho tsohle di sebedisana hammoho molemo wa ba ratang Modimo, e leng ba bitsitsweng ka morero wa wona.


Empa haele nna, ha ke a ka ka ithusa ka e nngwe ya tseo, mme leha ke ngola taba tseo, hase hore ho etswe jwalo bakeng sa ka; hobane haele hore motho a etse thoriso ya ka lefeela, nka ikgethela ho shwa.


Hobane, leha ke ne ke ithorise ka lona pela hae, ka hore ho itseng, ha ke a ka ka swaba ke hona; empa jwalokaha re ne re le bolelle nnete tabeng tsohle, le hona ho ithorisa ha rona ka lona pela Tite ho fumanwe e le nnete ka sebele.


Mme ya lokileng o tla phela ke tumelo; empa ekare ha a kweneha, moya wa ka ha o kgahliswe ke yena.


Ho itswe ke phutheho yohle ya Jehova: Molato oo ke o jwang oo le sitetsweng Modimo wa Iseraele ka wona, ha le furaletse Jehova kajeno, le bile le ikgahetse aletare, hore le tle le fetohele Jehova na?


Ha le ka tlola selekane seo Jehova, Modimo wa lona, a le laetseng sona, la ya sebeletsa medimo esele, la inama pela yona, mohlang oo bohale ba Jehova bo tla le tukela, le tle le timele kapele lefatsheng lena le molemo leo a le fileng lona.


Hobane mahlo a Morena a tadima ba lokileng, mme ditsebe tsa hae di mamela thapelo ya bona; empa sefahleho sa Morena se bohale ho ba etsang hampe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ