Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esdrase 8:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Ha tla le Banethinime ba makgolo a mabedi a mashome a mabedi ba kgethilweng ka mabitso kaofela a bona, e le bara ba Banethinime bao Davida le dihlooho ba neng ba ba neetse tshebeletso ya Balevi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Ba ba romela le basebeletsi ba Tempele, bao bo-Davida le mahosana ba neng ba ba kgethetse ho thusa Balevi. Basebeletsi bohle ba Tempele ba ne ba le makgolo a mabedi le mashome a mabedi. Mabitso a bona bohle a ne a ngotswe bukeng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esdrase 8:20
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haele ba kileng ba aha ha bona pele, metseng ya bona, e ne e le Baiseraele, le baprista, le Balevi le Banethinime.


Haele Banethinime, ya eba bana ba Tsika, le bana ba Hasufa, le bana ba Thabaothe,


Ba bang ba bana ba Iseraele, baprista, le Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le ba Banethinime, ba nyolohela Jerusalema le yena, e le ka selemo sa bosupa sa ho busa ha Artakserksese.


ka ba laetsa bakeng sa Iddo, kgosana ya nahanyana ya Kasifia, ka ba nea ditaba tseo ba tla di bolella Iddo, le ngwanabo, le Banethinime ba ahileng nahanyaneng ya Kasifia, ka re, ba re tlisetse ba tlang ho tshwara tshebeletso ya ntlo ya Modimo wa rona.


e mong ke Hashabia, a ena le Esaia wa bara ba Merari, le banababo le bara ba bona, ba entse mashome a mabedi.


O tla nea Aarone le bara ba hae Balevi: o ba kgethe ho bana ba Iseraele, o mo nee bona ruri.


Le wena, molekanaka wa sebele jokong, ke a o rapela, ke re, o thuse basadi bao ba ntlatsitseng Evangeling, ba ena le Klemense, le bantshebedisi ba bang, bao mabitso a bona a ngodilweng bukeng ya bophelo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ