Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esdrase 8:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ka ba phutha nokeng e mathelang Ahava, mme ra emisa teng tshiu tse tharo; eitse ha ke hlahloba setjhaba le baprista, ke se ke ka fihlela le a mong wa bara ba Levi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Ka ba kgobokanyetsa bohle pela noka e fetang Ahafa. Ra hlola moo ka matsatsi a mararo, re le ka ditenteng. Ka hlahloba setjhaba, le baprista, mme hara bona ka fumana ho se le ya mong wa bara ba Levi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esdrase 8:15
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hape, re a le tsebisa hore, haele baprista bohle, le Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le Banethinime, le bahlanka ba ntlo eo ya Modimo, ba se ke ba ntshiswa lekgetho, leha e le sethabathaba, kapa kabelo.


ya mphumanisitseng mohau ho morena, le ho banna ba hae ba lekgotla, le ho mahosana wohle a matla a morena! Haele nna, ka nna ka ipha matla, kamoo letsoho la Jehova, Modimo wa ka, le neng le ntse le le ho nna kateng; ka ba ka phutha baholo ba Iseraele, hore ba nyolohe hammoho le nna.


Ba bang ba bana ba Iseraele, baprista, le Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le ba Banethinime, ba nyolohela Jerusalema le yena, e le ka selemo sa bosupa sa ho busa ha Artakserksese.


ho bara ba Bigvai, ke Uthai le Sabbude, ba ena le ba batona ba mashome a supileng.


Yaba ke romela ho bitsa Eliesere, Ariele, Shemaia, Elnathane, Jaribe, Elnathane, Nathane, Sakaria, le Meshullame, e leng dihlooho, le Jojaribe le Elnathane, banna ba kelello;


Ho bara ba Finease, ke Gershome; ho bara ba Ithamare, ke Daniele; ho bara ba Davida, ke Hatthushe;


Yare re sa le nokeng ya Ahava, ka bolela tsatsi la ho itima dijo, re tle re ikokobetse pela Modimo wa rona, hore re ikopele ho wona leeto le letle la rona, le la bana ba rona, le la ntho tsohle tsa rona.


Ra tloha nokeng ya Ahava ka la leshome le metso e mmedi la kgwedi ya pele, re lebile Jerusalema. Letsoho la Modimo wa rona la nna la eba ho rona, mme wa re namolela matsohong a dira le ho ba re laletseng tseleng.


Mabopong a dinoka tsa Babilona re ne re dutse, re lla, ha re hopola Sione;


Eitse ka selemo sa mashome a mararo, ka kgwedi ya bone, ka tsatsi la bohlano la kgwedi, ha ke ne ke le hara ba isitsweng kgolehong nokeng ya Kebare, mahodimo a phetlwa, mme ka bona pono tse hlollang tsa Modimo.


Ka fihla Thel-Abibe, ho ba kgolehong ba ahileng pela noka ya Kebare, ka dula moo ba ahileng teng; ka dula teng ho bona tshiu tse supileng, ke maketse.


Yare ka letsatsi la Sabatha, ra tswa motseng, ra ya pela noka, moo ho neng ho lemaletswe ho rapelwa teng, mme ha re se re dutse, ra bua le basadi ba phuthehetseng teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ