Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esdrase 7:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 le ho ya le silefera le kgauta tseo morena le banna ba hae ba lekgotla ba di ntsheditseng Modimo wa Iseraele ka ho rata, oo tulo tsa wona di leng Jerusalema;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 O nke le silefera le kgauta, eo ka yona kgosi le baeletsi ba yona ba etsetsang Modimo wa Iseraele, eo Tempele ya hae e leng Jerusalema, mpho ya boithaopo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esdrase 7:15
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba dihlooho tsa matlo, le dihlooho tsa meloko ya Iseraele, le balaodi ba dikete le ba makgolo, le bahlahlobi ba mesebetsi ya morena, ba ntsha ka ho rata;


Empa ke mang ya ka tsebang ho mo hahela ntlo, ha esita le mahodimo, le mahodimo a mahodimo a sitwa ho mo kopa! Mme nna ke mang, ha ke tla mo hahela ntlo, haese hore ke mo tjhesetse dibano feela?


Ba bangata ba tlisa nyehelo ho Jehova, Jerusalema, le dintho tsa bohlokwa ho Esekiase, morena wa Juda, kamoo a neng a sa tswa hodiswa mahlong a ditjhaba kaofela kateng.


Empa ke o hahetse ntlo hore o ahe teng le setulo seo o tla dula ho sona ka ho sa feleng.


ke mpa ke kgethile Jerusalema hore lebitso la ka le be hona teng, mme ke kgethile Davida hore e be morena wa setjhaba sa ka sa Iseraele.


Bohle ba ahisaneng le bona ba ba thusa ka dipitsa tsa silefera le tsa kgauta, le ka mesebetsi, le ka dikgomo, le ka dintho tsa bohlokwa, kantle ho tsohle tse ntshitsweng ka ho rata.


Modimo o beileng lebitso la wona teng, o dihe morena e mong le e mong le setjhaba se seng le se seng, se tla otlolla letsoho ho kgelosa taba tsena, le ho senya ntlo eo ya Modimo o Jerusalema. Ke le Dariuse, ke laetse tsena; a di ke di etswe hona jwale.


e be le mela e meraro ya majwe a maholohadi a betlilweng, o mong e be wa difate tse ntjha; tjhelete tsa ho lefa di tla tswa tlung ya morena.


O rongwa ke morena le banna ha hae ba supileng ba lekgotla ho ya hlahloba Juda le Jerusalema, kamoo ho laetsweng molaong wa Modimo wa hao kateng oo o o tshwereng matsohong a hao;


ka ba lekanyetsa boima ba silefera le kgauta, le ba mesebetsi e leng kabelo e abetsweng ntlo ya Modimo wa rona ke morena le banna ba hae ba lekgotla le mahosana a hae le Baiseraele bohle ba neng ba le teng.


Ba ntlo ya Levi, bokang Jehova! Lona ba tshabang Jehova, bokang Jehova! Jehova ya ikaheletseng Jerusalema a ke a bokwe Sione! Bokang Jehova!


Jehova, ke rata leaho la ntlo ya hao, le nqalo moo kganya ya hao e leng teng.


marena a Tarshishe le a dihlekehleke a tla ntsha dineo, marena a Seba le a Saba a tlise dinyehelo.


Ikaneng ho Jehova, Modimo wa lona, le ntoo mo lefela; ditjhaba tsohle tse kamathoko di ke di tlise dinyehelo ho Modimo o tshabehang.


tabernakele ya wona e Saleme, moaho wa wona o Sione.


Binelang Jehova ya ahileng Sione; behelang ditjhaba diketso tsa hae tse phahameng;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ