Esdrase 6:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)21 Bana ba Iseraele ba kgutlileng kgolehong ba eja, ba ena le bohle ba hlobohaneng le ditshila tsa ditjhaba tsa lefatshe ho tla ikopanya le bona ho batla Jehova, Modimo wa Iseraele. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE21 Paseka ya jewa ke bana ba Iseraele ba neng ba thopilwe, le ba ileng ba ikgaohanya le manyala a baditjhaba, hore ba sebeletse Morena Modimo wa Iseraele. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Taba tseo hobane di fele, dihlooho tsa atamela ho nna, tsa re: Setjhaba sa Iseraele le baprista le Balevi ha ba ka ba ikgetha ho ditjhaba tse dinaheng tse ka mathoko, ba mpa ba entse ka manyala a tsona, e leng Bakanana, le Bahethe, le Baferese, le Bajebuse, le Baammone, le Bamoabe, le Baegepeta, le Baamore.
eo o re laetseng yona ka bahlanka ba hao baporofeta, wa re: Lefatshe leo le tlang ho kena ho lona ho le rua, ke lefatshe le silafaditsweng ke ditshila tsa ditjhaba tsa dinaha tseo le ke manyala ao ditjhaba tseo di le tlatsitseng ka wona ditshileng tsa tsona, ho qala pheletsong e nngwe ho isa pheletsong e nngwe.
Ba bang ba setjhaba, baprista, le Balevi, le balebedi ba menyako, le dibini, le Banethinime, le bohle ba neng ba ikgethile ho ditjhaba tse ahileng mafatsheng a bapileng hore ba kgomarele molao wa Modimo, ba ena le basadi ba bona, le bara ba bona, le baradi ba bona, e leng bohle ba nang le tsebo le kelello,