Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esdrase 6:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Baprista ba bewa kabelong tsa bona, le Balevi dihlopheng tsa bona, ho tle ho etswe tshebeletso ya Modimo o hona Jerusalema, jwalokaha ho ngodilwe bukeng ya Moshe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Ba hlophisa baprista ho ya ka dihlopha tsa bona, le Balevi ho ya ka mesebetsi ya bona, bakeng sa tshebeletso ya Modimo Jerusalema, jwalokaha ho ngotswe Bukeng ya Moshe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esdrase 6:18
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haele bara ba Aarone, dikarolo tsa bona ke tsena: Bara ba Aarone e ne e le Nadabe, Abihu, Eleasare le Ithamare.


Ho bara ba Usiele ke Mikea; ho bara ba Mikea ke Shamire.


Yaba Davida le balaodi ba makgotla ba kgetha bara ba bang ba Asafe, le ba Hemane, le ba Jeduthune, ba tle ba porofete ba ithusa ka diharepa le diviole le disimbala. Ke ena palo ya banna ba kentsweng mosebetsing wa tshebetso eo ya bona:


Tseo tsa tshebeletso eitse ha di se di lokile, baprista ba ema tulong tsa bona, le bona Balevi ka hlopha tsa bona, ka taelo ya morena.


Baprista ba ne ba eme, ba ntse ba sebetsa mosebetsi wa bona, ba ena le Balevi ba tshwereng diletsa tsa Jehova tse neng di entswe ke morena Davida ho rorisa Jehova ka tsona, ba re: Hobane mohau wa hae ke o sa feleng! Ha na ha etswa jwalo le mohla Davida a neng a mo rorisa ka tsona. Mme baprista ba ne ba letsa diterompeta, ba eme mabapa le bona, Baiseraele bohle le bona ba eme ka maoto.


Ba tla boloka tse beilweng ho yena, le tse beilweng ho phutheho yohle,


O tla nea Aarone le bara ba hae Balevi: o ba kgethe ho bana ba Iseraele, o mo nee bona ruri.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ