Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esdrase 6:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 kgakolong ya ntlo eo ya Modimo, ba hlaba poho tse lekgolo le le leng, le dipheleu tse makgolo a mabedi, le dikonyana tse makgolo a mane, le diphooko tse leshome le metso e mmedi tsa sehlabelo sa sebe sa Baiseraele bohle, ka palo ya meloko ya Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Moketeng ona wa ho kgakola Tempele ya Modimo, ba ile ba nyehela ka dipohwana tse lekgolo, le ka dipheleu tse makgolo a mabedi, le ka dikonyana tse makgolo a mane. Bakeng sa nyehelo e tlosang sebe sa Baiseraele bohle, ba nyehela ka diphooko tse leshome le metso e mmedi, ho latela palo ya merabe ya Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esdrase 6:17
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Elia a nka majwe a leshome le metso e mmedi, ka palo ya meloko ya bara ba Jakobo, eo lentswe la Jehova le neng le tlile ho yena, la re: Lebitso la hao e tla ba Iseraele.


Yaba morena le Baiseraele kaofela ba hlabela Jehova mahlabelo.


Baprista ba di hlaba, ba tshollela madi a tsona aletareng, bakeng sa sebe, hore ho etsetswe Baiseraele bohle pheko; hobane morena a ne a laetse hore setjheso le sehlabelo sa sebe di etsetswe Baiseraele bohle.


Morena Salomone a hlaba sehlabelo sa dikgomo tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi le sa dinku tse dikete tse lekgolo le nang le mashome a mabedi. Morena le setjhaba kaofela ba kgethela Modimo ntlo jwalo.


Yaba ba kgoleho ba neng ba kgutlile kgolehong, ba hlabela Modimo wa Iseraele mahlabelo a ditjheso; ha hlabelwa Baiseraele bohle dipoho tse leshome le metso e mmedi, le dipheleu tse mashome a robileng mono o le mong a metso e tsheletseng, le dikonyana tse mashome a supileng a metso e supileng, le diphooko tse leshome le metso e mmedi tsa sehlabelo sa sebe; tsohle tsa hlabelwa Jehova ka mokgwa wa ditjheso.


Etlare ha a lemoswa sebe seo a se entseng, o tla hlahisa sehlabelo bakeng sa sebe seo a se entseng, e le podi e tshehadi, e se nang sekodi.


Ha ekaba ya entseng sebe ke moprista ya tlotsitsweng, mme kahoo a dihetse batho molatong, o tla hlahisetsa Jehova pohwana e se nang sekodi ka baka la sebe seo a se entseng, e le sehlabelo sa sebe.


le tle le be ba jang le ba nwang tafoleng ya ka mmusong wa ka; mme le tle le dule diteroneng, le ahlole meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele.


O dikeditswe ke lerako le leholo le phahamileng; o kenwa ka menyako e leshome le metso e mmedi; mangeloi a leshome le metso e mmedi a eme menyakong ya wona; mme mabitso a ngodilwe hodima yona, e leng mabitso a meloko e leshome le metso e mmedi ya bana ba Iseraele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ