Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esdrase 6:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Yaba baholo ba Bajuda ba haha ba iketlile, kamoo ho neng ho porofetilwe kateng ke moporofeta Haggai le moporofeta Sakaria, mora Iddo. Ba haha, ba phetha jwalokaha ho ne ho laetse Modimo wa Iseraele, le jwalokaha ho no ho laetse Siruse, le Dariuse, le Artakserksese, morena wa Persia.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Baholo ba Bajuda ba nna ba tswela pele ho haha, mme ba atleha ho ya kamoo bo-moporofeta Hagai le Sakariya, mora wa Ido, ba neng ba ba kgothatsa kateng. Ba haha Tempele, ba ba ba e qeta, ho ya ka taelo ya Modimo wa Iseraele, le ho ya ka ditaelo tsa Siruse, le Dariuse, le Aretaseresese, dikgosi tsa Peresiya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esdrase 6:14
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Selemong sa bobedi sa ho fihla ha bona tlung ya Modimo o Jerusalema, ka kgwedi ya bobedi, Sorobabele, mora Salathiele, le Joshua, mora Jotsadake, le banababo bona ba bang bao e leng baprista le Balevi, le bohle ba neng ba kgutletse Jerusalema ba etswa kgolehong, ba qala ho sebetsa. Ha bewa Balevi ba dilemo tse mashome a mabedi le ba kapele hore ba tsamaise mosebetsi wa ntlo ya Jehova.


Yaba mosebetsi wa ntlo ya Modimo o Jerusalema o a ema; wa ema ho isa lemong sa bobedi sa ho busa ha Dariuse, morena wa Persia.


Empa Sorobabele, le Joshua, le dihlooho tse ding tsa matlo a bontata Baiseraele, ba re ho bona: Ha le na ho hahela Modimo wa rona ntlo hammoho le rona; re tla mpe re hahele Jehova, Modimo wa Iseraele, re nnotshi, kamoo re laetsweng ke morena Siruse, morena wa Persia kateng.


Jwale moporofeta Haggai le moporofeta Sakaria, mora Iddo, ba porofetela Bajuda ba leng Juda le Jerusalema ka lebitso la Modimo wa Iseraele o neng o bua le bona.


Leha ho le jwalo, ka selemo sa ho qala sa ho busa ha Siruse, morena wa Babilona, morena Siruse a laela hore ntlo ya Modimo e tsoswe.


Yaba Sorobabele, mora Salathiele, le Joshua, mora Jotsadake ba tsoha, ba boela ba qala ho haha ntlo ya Modimo e Jerusalema, ba ena le baporofeta ba Modimo ba ba tlatsang.


Ka selemo sa ho qala sa ho busa ha Siruse, morena Siruse o laetse bakeng sa ntlo ya Modimo o Jerusalema hore ntlo eo e boele e tsoswe, e tle e be moo ho hlajwang mahlabelo, mme metheo ya yona e tsoswe e le e thata. Bolelele ba yona e be ditswe tse mashome a tsheletseng, bophara ba yona e be ditswe tse mashome a tsheletseng;


Hape, ke laela e le nna bakeng sa kamoo le tshwanetseng ho etsetsa baholo bao ba Bajuda kateng, hore ntlo eo ya Modimo e fele e tle e hahuwe; ke re, tjhelete tsa morena tsa lekgetho le tswang mose wane ho noka di hle di newe banna bao, ba tle ba se ke ba thibelwa ke letho.


Kamora tseo, mohla ho busang Artakserksese, morena wa Persia, Esdrase mora Seraia, mora Asaria, mora Hilkia,


Efela re bafo; empa le bofong ba rona, Modimo wa rona ha o a ka wa re lahla, wa mpa wa re fumantsha mohau ho marena a Persia, hore o tle o boele o re pholose, mme ntlo ya Modimo wa rona e tle e hahuwe, le dithako tsa yona di tle di tsoswe, e le hore re boele re rue lerako Juda le Jerusalema.


Haele lerako, la phetheha ka la mashome a mabedi a metso e mehlano la kgwedi ya Elule, le sebeditswe ka matsatsi a mashome a mahlano a metso e mmedi.


ke bolelang Siruse ka ho re: Ke modisa wa ka, o tla etsa se ratwang ke nna, o tla re ho Jerusalema: O tla tsoswa, le ho tempele: O tla thewa.


Ka selemo sa bobedi sa ho busa ha morena Dariuse, ka kgwedi ya botshelela, ka tsatsi la pele la kgwedi, lentswe la Jehova la tla ka moporofeta Haggai ho Sorobabele, mmusisi wa Juda, mora Salathiele, le ho Joshua, moprista e moholo, mora Jotsadake, la re:


Hlwellang thabeng, le tlise difate, le hahe ntlo, mme ke tla e thabela, ke be ke itlotlise, ho bolela Jehova.


Ka kgwedi ya boroba meno e le mmedi ya selemo sa bobedi sa ho busa ha Dariuse, lentswe la Jehova la tlela moporofeta Sakaria, mora Berekia, mora Iddo, la re:


Ka baka leo, ho bolela Jehova, ke boela ho Jerusalema ka mohau, ntlo ya ka e tla hahuwa teng, ho bolela Jehova wa makgotla, kgwele ya ho lekanya e otlollwe hodima Jerusalema.


Matsoho a Sorababele a theile ntlo ena, mme matsoho a hae a tla e phetha; mme o tla tseba hobane Jehova wa makgotla o nthomile ho lona.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Matsoho a lona a ke a tiye, lona ba utlwang mantswe ana a tswang melomong ya baporofeta tshiung tsena, e leng tseo ho theilweng ka tsona ntlo ya Jehova wa makgotla, e leng tempele, hore e hahuwe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ