Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esdrase 6:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Yaba Thathnai, mmusisi wa naha e mose o kwano ho noka, ba ena le Shethare-Bosnai le balekane ba bona, ha ba bona tse rometsweng ke morena Dariuse, ba phakisa ba etsa ka tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Yaba bo-Tatenai, mmusisi wa naha e ka bophirimela ho noka ya Euferatese, le Shetare-Bosenai, le metswalle ya bona, ba phetha ka ho tlala tsohle tseo kgosi Dariuse a ba laetseng tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esdrase 6:13
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse hobane kopi ya lengolo la morena Artakserksese e balwe pela Rehume, le Shimshai, mongodi, le balekane ba bona, ba phakisa ba ya ho Bajuda Jerusalema, mme ba ba emisa ka matla le ke ntwa.


Rehume, motsamaisi wa lekgotla, le Shimshai, mongodi, le balekane ba bang ba bona, Badine, le Baafarsathake, le Batharpele, le Baafarase, le Baereke, le Bababilona, le Basusane, le Badeha, le Baelame,


Motsotsong oo, ha tla ho bona Thathnai, mmusisi wa naha e mose o kwano ho noka, a ena le Shethare-Bosnai le balekane ba bona, ba re ho bona: Le laetswe ke mang ho haha ntlo eo le ho phetha lerako leo?


Ke yona kopi ya lengolo le neng le rometswe ho morena Dariuse ke Thathnai, mmusisi wa naha e mose o kwano ho noka, a ena le Shethare-Bosnai le balekane ba bona ba Afarsa, ba mose o kwano ho noka.


Ha ho le jwalo, lona Thathnai, mmusisi wa naha e mose wane ho noka, le Shethare-Bosnai, le balekane ba lona ba Afarsa ba mose wane ho noka, le itulele hole le moo.


Yaba Hamane o nka seaparo le pere, a ya apesa Mordekai, mme a mo tsamaisa ka pere mapatlelong a motse, a ntse a howeletsa kapele ho yena, a re: Ho etswa jwalo motho eo morena a ratang ho mo hlonepha!


Ba bangata ba batla tjhadimo ya mmusisi; empa kahlolo ya motho e tswa ho Jehova.


etswe lentswe la morena le le matla, mme ke mang ya tla re ho yena: O etsang?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ