Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esdrase 6:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ke laela hape e le nna, ke re, ha lentswe lena la ka le ka kgeloswa ke motho, ho ke ho rutlwe sefate tlung ya hae, a emiswe, a kgokgothelwe ho sona, mme ka molato oo ntlo ya hae e ke e fetolwe thotobolo ya moitedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 “Ho feta moo, ke le laela hore mang kapa mang ya tla fetola taelo ena, ho rutlwe balaka ya ntlo ya hae, a totomelwe ho yona, a thakgiswe ho yona, a leketle, mme ntlo ya hae e fetohe qubu ya moitedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esdrase 6:11
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba bolaya le seemahale sa Baale, ba qhaqha ntlo ya Baale, ba e etsa mohlaba le kajeno.


mme setopo sa Jesebele se tla ba jwaloka kgapane hodima lefatshe, naheng ya Jisreele, ho tle ho se ke ha thwe: Ke yena Jesebele.


Mang le mang ya sa etseng ka molao wa Modimo wa lona le ka molao wa morena, a ahlolwe kapele, kapa a bolawe, kapa a lelekwe, kapa ho jewe ntho tsa hae, kapa a hlahlelwe teronkong.


Esthere a re: Ha morena a dumela, morena a ke a tle kajeno le Hamane dijong tseo ke mo lokiseditseng tsona.


Yaba ba fanyeha Hamane sefateng se neng se lokiseditswe Mordekai, mme kgalefo ya morena ya kokobela.


Morena a araba, a re ho Bakalde: Taba eo e se e mphonyohetse. Ha le sa ntsebise toro le kwahollo ya yona, le tla pongwa dikoto, matlo a lona a etswe qubu ya moitedi.


Molao o beilwe ke nna ke hona ho batho bohle, le ho ditjhaba tsohle, le ho ba dipuo tsohle, hore motho ya ka nyefolang Modimo wa Shadrake, le Meshake, le Abede-Nego a pongwe dikoto, mme ntlo ya hae e etswe qubu ya moitedi, hobane ha ho modimo o mong o ka lokollang ka mokgwa o jwalo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ