Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esdrase 5:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Sheshebatsare eo o ne a tle jwalo; ke yena ya theileng metheo ya ntlo ya Modimo e Jerusalema; ha e sa le mohlang oo e ntse e hahuwa jwalo; le jwale ha e eso ho fele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 “ ‘Jwale Sheshebasare eo o ile a fihla, a rala motheo wa Tempele ya Modimo e Jerusalema. Ho tloha mohlang oo, ho fihlela kajeno, haesale e ntse e hahuwa, empa ha e eso fele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esdrase 5:16
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse ha ba hahang ba thea metheo ya tempele ya Jehova, baprista ba emiswa ba apere tsa bona, ba tshwere diterompeta, ba ena le Balevi, bana ba Asafe, ba tshwere disimbala ho rorisa Jehova, ba ntse ba eya ka ditaelo tsa Davida, morena wa Iseraele.


Selemong sa bobedi sa ho fihla ha bona tlung ya Modimo o Jerusalema, ka kgwedi ya bobedi, Sorobabele, mora Salathiele, le Joshua, mora Jotsadake, le banababo bona ba bang bao e leng baprista le Balevi, le bohle ba neng ba kgutletse Jerusalema ba etswa kgolehong, ba qala ho sebetsa. Ha bewa Balevi ba dilemo tse mashome a mabedi le ba kapele hore ba tsamaise mosebetsi wa ntlo ya Jehova.


Esita le mesebetsi ya kgauta le ya silefera ya ntlo ya Modimo, e neng e ntshitswe tempeleng ya Jerusalema ke Nebukadnesare, a ba a ya le yona, a e bea tempeleng ya Babilona, morena Siruse a e ntsha tempeleng ya Babilona, mme a e busetsa ho ya bitswang Sheshebatsare, ya beilweng mmusisi ke yena.


A re ho yena: Nka mesebetsi ena, o ye le yona, mme o e bee tempeleng ya Jerusalema, mme ntlo ya Modimo e fele e tsoswe setsheng sa yona.


Yaba Sorobabele, mora Salathiele, le Joshua, mora Jotsadake ba tsoha, ba boela ba qala ho haha ntlo ya Modimo e Jerusalema, ba ena le baporofeta ba Modimo ba ba tlatsang.


Mme ntlo eo ya phethwa ka tsatsi la boraro la kgwedi ya Adare, e leng ka selemo sa botshelela sa ho busa ha morena Dariuse.


Lemohang he pelong tsa lona; ho tloha tsatsing lena, ho kgutlela morao, ho tloha tsatsing la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi ya boroba mono o le mong, ho isa tsatsing lela leo ntlo ya Jehova e neng e thewe ka lona, batlisisang ditaba pelong tsa lona.


Hobane ke mang ya ka nyedisang letsatsi la taba tse nyenyane? A ile a thaba ha a bona loto ya ho lekanya e letsohong la Sorobabele, mahlo ao a supileng, e leng mahlo a Jehova, a ntseng a qamaka lefatshe lohle.


Matsoho a Sorababele a theile ntlo ena, mme matsoho a hae a tla e phetha; mme o tla tseba hobane Jehova wa makgotla o nthomile ho lona.


Yaba Bajuda ba re: Tempele ena e hahilwe ka dilemo tse mashome a mane a metso e tsheletseng, mme wena o re, o tla e tsosa ka matsatsi a mararo na?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ