Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esdrase 5:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 A re ho yena: Nka mesebetsi ena, o ye le yona, mme o e bee tempeleng ya Jerusalema, mme ntlo ya Modimo e fele e tsoswe setsheng sa yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Siruse a ba a re ho yena: “Nka thepa ena, o tsamaye, o yo e bea ka Tempeleng e Jerusalema, mme o hlokomele hore Tempele ya Modimo e hahwe setsheng sa yona sa pele!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esdrase 5:15
5 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho itswe ke Siruse, morena wa Bapersia: Jehova, Modimo wa mahodimo, o nneile mebuso yohle ya lefatshe; hape, o ntaetse hore ke mo hahele ntlo Jerusalema, naheng ya Juda.


Ba tsosa aletare setsheng sa yona, leha ba ne ba ntse ba tshohile ditjhaba tse dinaheng tse ka mathoko, mme teng ba hlabela Jehova mahlabelo a ditjheso, e leng ditjheso tsa hosasa le tsa mantsiboya.


Esita le mesebetsi ya kgauta le ya silefera ya ntlo ya Modimo, e neng e ntshitswe tempeleng ya Jerusalema ke Nebukadnesare, a ba a ya le yona, a e bea tempeleng ya Babilona, morena Siruse a e ntsha tempeleng ya Babilona, mme a e busetsa ho ya bitswang Sheshebatsare, ya beilweng mmusisi ke yena.


Sheshebatsare eo o ne a tle jwalo; ke yena ya theileng metheo ya ntlo ya Modimo e Jerusalema; ha e sa le mohlang oo e ntse e hahuwa jwalo; le jwale ha e eso ho fele.


Ka selemo sa ho qala sa ho busa ha Siruse, morena Siruse o laetse bakeng sa ntlo ya Modimo o Jerusalema hore ntlo eo e boele e tsoswe, e tle e be moo ho hlajwang mahlabelo, mme metheo ya yona e tsoswe e le e thata. Bolelele ba yona e be ditswe tse mashome a tsheletseng, bophara ba yona e be ditswe tse mashome a tsheletseng;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ