Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esdrase 5:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Esita le mesebetsi ya kgauta le ya silefera ya ntlo ya Modimo, e neng e ntshitswe tempeleng ya Jerusalema ke Nebukadnesare, a ba a ya le yona, a e bea tempeleng ya Babilona, morena Siruse a e ntsha tempeleng ya Babilona, mme a e busetsa ho ya bitswang Sheshebatsare, ya beilweng mmusisi ke yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Thepa e entsweng ka silefera, le e entsweng ka kgauta, e neng e le ka Tempeleng ya Modimo, eo Nebukadenesare a neng a e nke ka Tempeleng a neng e le Jerusalema, a e isa tempeleng ya Babilona, yona thepa eo, kgosi Siruse o ile a e ntsha ka tempeleng ya Babilona, a e nea monna ya bitswang Sheshebasare, eo a neng a mmeile hore e be mmusisi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esdrase 5:14
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haele mesebetsi yohle ya ntlo ya Modimo, e meholo le e menyenyane, le matlotlo a ntlo ya Jehova, le matlotlo a morena le a mahosana a hae, a ya le tsohle Babilona.


Nebukadnesare a isa mesebetsi e meng ya ntlo ya Jehova Babilona, mme a e bea tlung ya hae ya moreneng Babilona.


A re ho yena: Nka mesebetsi ena, o ye le yona, mme o e bee tempeleng ya Jerusalema, mme ntlo ya Modimo e fele e tsoswe setsheng sa yona.


Sheshebatsare eo o ne a tle jwalo; ke yena ya theileng metheo ya ntlo ya Modimo e Jerusalema; ha e sa le mohlang oo e ntse e hahuwa jwalo; le jwale ha e eso ho fele.


Haele mesebetsi ya kgauta le ya silefera ya ntlo ya Modimo, eo Nebukadnesare a neng a e ntshe tempeleng ya Jerusalema, a ba a tla le yona Babilona, e ke e buswe, e iswe tempeleng ya Jerusalema, o mong le o mong o bewe setsheng sa wona, mme o tla e bea hona tlung ya Modimo.


Ho bokwe Jehova, Modimo wa bontata rona, ya beileng taba tse kalo, pelong ya morena tsa hore ho kgabiswe ntlo ya Jehova ya Jerusalema,


Pelo ya morena e letsohong la Jehova, o e lebisetsa hohle moo a ratang teng, jwaloka melatswana ya metsi.


hape, molaodi wa balebedi a ya le mehope, le dipane, le mafiso, le dipitsa, le dikandelare, le dijana, le mafiswana; seo e leng sa kgauta a se nka ka ho re ke kgauta; seo e leng sa silefera a se nka ka ho re ke silefera.


Ka selemo sa bobedi sa ho busa ha morena Dariuse, ka kgwedi ya botshelela, ka tsatsi la pele la kgwedi, lentswe la Jehova la tla ka moporofeta Haggai ho Sorobabele, mmusisi wa Juda, mora Salathiele, le ho Joshua, moprista e moholo, mora Jotsadake, la re:


Yaba Jehova o tshosa moya wa Sorobabele, mmusisi wa Juda, mora Salathiele, le moya wa Joshua, moprista e moholo, mora Jotsadake, le moya wa masala wohle a setjhaba, mme ba ya, ba qala ho sebetsa ntlo ya Jehova wa makgotla, Modimo wa bona,


Bua hle le Sorobabele, mmusisi wa Juda, mora Salathiele, le Joshua, moprista e moholo, mora Jotsadake, le masala a setjhaba, o re:


Bolella Sorobabele, mmusisi wa Juda, o re: Ke ya thothometsa lehodimo le lefatshe, ke tla rapalatsa diterone tsa mebuso,


Mmusisi yare ha a bona se hlahileng, a dumela, a makaditswe ke thuto ya Morena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ