Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esdrase 4:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Yaba mosebetsi wa ntlo ya Modimo o Jerusalema o a ema; wa ema ho isa lemong sa bobedi sa ho busa ha Dariuse, morena wa Persia.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 Mosebetsi wa ho haha Tempele ya Morena Jerusalema, wa kgaotsa. Wa kgaotsa jwalo ho fihlela ka selemo sa bobedi sa puso ya Dariuse, kgosi ya Peresiya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esdrase 4:24
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Selemong sa bobedi sa ho fihla ha bona tlung ya Modimo o Jerusalema, ka kgwedi ya bobedi, Sorobabele, mora Salathiele, le Joshua, mora Jotsadake, le banababo bona ba bang bao e leng baprista le Balevi, le bohle ba neng ba kgutletse Jerusalema ba etswa kgolehong, ba qala ho sebetsa. Ha bewa Balevi ba dilemo tse mashome a mabedi le ba kapele hore ba tsamaise mosebetsi wa ntlo ya Jehova.


Eitse hobane kopi ya lengolo la morena Artakserksese e balwe pela Rehume, le Shimshai, mongodi, le balekane ba bona, ba phakisa ba ya ho Bajuda Jerusalema, mme ba ba emisa ka matla le ke ntwa.


le ho putsa baeletsi hore ba senye morero wa bona; ha eba jwalo ditshiung tsohle tsa ho phela ha Siruse, morena wa Persia, ho ya fihla mehleng ya puso ya Dariuse, morena wa Persia.


Jwale moporofeta Haggai le moporofeta Sakaria, mora Iddo, ba porofetela Bajuda ba leng Juda le Jerusalema ka lebitso la Modimo wa Iseraele o neng o bua le bona.


Empa leihlo la Modimo wa bona la nna la shadima baholo ba Bajuda, bano ba ba ba sitwa ho ba thibela, ha taba eo e sa ntsane e isitswe ho Dariuse, mme ho sa lebeletswe lengolo le arabang taba tseo.


Yaba morena Dariuse o laela hore ho batlwe tlung ya mangolo a borena, Babilona, moo ho bolokilweng matlotlo.


Yaba baholo ba Bajuda ba haha ba iketlile, kamoo ho neng ho porofetilwe kateng ke moporofeta Haggai le moporofeta Sakaria, mora Iddo. Ba haha, ba phetha jwalokaha ho ne ho laetse Modimo wa Iseraele, le jwalokaha ho no ho laetse Siruse, le Dariuse, le Artakserksese, morena wa Persia.


Mme ntlo eo ya phethwa ka tsatsi la boraro la kgwedi ya Adare, e leng ka selemo sa botshelela sa ho busa ha morena Dariuse.


Ka ba romela manqosa, ka re: Ke tshwerwe ke mosebetsi o moholo, ke sitwa ho theoha; nka emisetsang mosebetsi ka ho o tlohela le ka ho theohela ho lona?


Hobane efela bohle ba ne ba leka ho re tshosa, ba re: Matsoho a bona a tle a tepellele mosebetsi, hore o tle o se ke wa etswa. Oho jwale, Modimo wa ka, o ke o matlafatse matsoho a ka!


thabo ya molotsana e fela kapele, le ho nyakalla ha ya kgopo e le ha motsotso o le mong feela?


Jwale, ke ya o senolela nnete. Bona, marena a mararo a sa tla ba teng ho Bapersia, mme wa bone o tla rua leruo le fetisang la a mang kaofela; etlare hobane a iphe matla ka maruo a hae, o tla ipiletsa bongata bohle ho futuhela mmuso wa Bagerike.


Tseba ke hona, o utlwisise hore, ho tloha taelong e bolelang hore Jerusalema o tla tsoswa, o hahuwe, ha e tswile, ho fihlisa ho motlotsuwa Morena, ho tla feta veke tse supileng; ka veke tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi, motse o tla tsoswa, o hahuwe le mapatlelo a wona, le marako a wona, empa e tla ba ka matsatsi a mahlomola.


Ka selemo sa bobedi sa ho busa ha morena Dariuse, ka kgwedi ya botshelela, ka tsatsi la pele la kgwedi, lentswe la Jehova la tla ka moporofeta Haggai ho Sorobabele, mmusisi wa Juda, mora Salathiele, le ho Joshua, moprista e moholo, mora Jotsadake, la re:


e le ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi ya botshelela, ka selemo sa bobedi sa ho busa ha morena Dariuse.


Mme jwale, batlisisang he pelong tsa lona tsa mohla ho esong ho bewe lejwe hodima lejwe tempeleng ya Jehova, ho tloha tsatsing lena ho kgutlela morao.


Lemohang he pelong tsa lona; ho tloha tsatsing lena, ho kgutlela morao, ho tloha tsatsing la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi ya boroba mono o le mong, ho isa tsatsing lela leo ntlo ya Jehova e neng e thewe ka lona, batlisisang ditaba pelong tsa lona.


Ka kgwedi ya boroba meno e le mmedi ya selemo sa bobedi sa ho busa ha Dariuse, lentswe la Jehova la tlela moporofeta Sakaria, mora Berekia, mora Iddo, la re:


Ka baka leo, re ratile ho tla ho lona, e le nna Pauluse; ke lekile hang, hape ka leka la bobedi; empa Satane o re thibetse.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ