Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esdrase 4:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 hape, Jerusalema ke motse o nnileng wa buswa ke marena a matla a neng a busa naha yohle e mose wane ho noka, ao lekgetho le sethabathaba le kabelo di neng di ntshetswa wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Ho kile ha eba le dikgosi tse matla, tse ileng tsa busa Jerusalema le naha yohle e ka bophirimela ho noka ya Euferatese. Di ne di ntshetswa lekgetho, le sethabathaba, le lekgetho la thepa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esdrase 4:20
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka letsatsi leo, Jehova a hlaba selekane le Abrame, a re: Ditloholo tsa hao ke di neile lefatshe lena, ho nka nokeng ya Egepeta ho isa nokeng e kgolo, noka ya Eufrate;


Salomone a busa mebuso yohle ho tloha nokeng, ho ya fihla naheng ya Bafilesta, le ho ya moeding wa Egepeta; bohle ba ne ba tlisetsa Salomone dinyehelo, ba mo sebeletsa ka tshiu tsohle tsa ho phela ha hae.


O ne a busa naha yohle e mose o kwano ho noka, ho tloha Thifsa, ho isa Gasa, le marena wohle a mose o kwano ho noka; e ne e le kgotso ka nqa tsohle.


Eitse ha Hirame, morena wa Tire, a utlwa hoba Salomone o tlotsitswe ho ba morena tulong tsa ntatae, a romela bahlanka ba hae ho yena; etswe Hirame a ne a ratile Davida le mehla.


Haele nna, Jehova, Modimo wa ka, o mphomoditse ka nqa tsohle; ha ho sera le matsoso.


A bea balebedi Edomo, mme Baedomo bohle ya eba bafo ba Davida. Jehova a nna a boloka Davida jwalo hohle moo a yang.


Davida a hlola le Hadaresere, morena wa Tsoba pela Hamathe, ha a ne a ya hloma borena ba hae pela noka ya Eufrate;


Davida a ntoo bea balebedi naheng ya Siria ya Damaseka, mme Basiria ya eba bafo ba Davida, ba mo ntshetsa lekgetho. Jehova a nna a boloka Davida jwalo hohle moo a yang.


Eitse ha bahlanka ba Hadaresere ba bona hoba ba hlotswe ke Baiseraele, ba etsa kgotso le Davida, mme ba mo sebeletsa. Mme Basiria ha ba ka ba hlola ba dumela ho tlatsa bana ba Ammone.


Esita le Bafilesta ba bang ba tlisetsa Josafate dinyehelo le ditjhelete tsa lekgetho; le Baarabe ba mo tlisetsa dinku, e le dipheleu tse dikete tse supileng tse nang le makgolo a supileng le diphooko tse dikete tse supileng tse nang le makgolo a supileng.


ho sa balwe e tliswang ke bahwebi, kapa ke barekisi ba rekisang ka yona; le marena wohle a Arabia le babusisi ba naha ya hae ba ne ba tlisetsa Salomone kgauta le silefera.


Ha ho le jwalo, ho ke ho tsejwe ke morena hore, ha efela motse ono o ka tsoswa, le marako a wona a ka phethwa, ha ba sa tla ntsha lekgetho le sethabathaba le kabelo, mme kahoo bobolokelo ba morena bo tla senyehelwa.


Re tsebisa morena, re re, ha motse ono o ka tsoswa, le marako a wona a phethwa, ha o sa tla hlola o rua letho mose o kwano ho noka.


Ka ba ka laela, mme ha batlwa, ha ba ha fumanwa hobane motse ono o nnile wa ikgantshetsa marena, haesale le mehleng ya kgale, mme ha nna ha hlaha boikgantsho le moferefere ho wona;


Ha ho le jwalo, laelang hore batho bano ba emiswe mosebetsing wa bona, le hore motse ono o se ke wa tsoswa, ho fihlela ho hlaha taelo e tswang ho nna.


Hape, re a le tsebisa hore, haele baprista bohle, le Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le Banethinime, le bahlanka ba ntlo eo ya Modimo, ba se ke ba ntshiswa lekgetho, leha e le sethabathaba, kapa kabelo.


O tla busa ho nka lewatleng le leng ho isa lewatleng le leng, le ho nka nokeng ho isa dipheletsong tsa lefatshe.


O ituletse jwang o nnotshi, motse o neng o tletse batho? Motse o neng o le moholo hara ditjhaba o fetohile jwang ntho eo e kang ke mohlolohadi? Eo e neng e le mofumahadi hara ditjhaba o fetohile jwang ya ruilweng?


o ne o ena le makala a matla, ya eba mare a borena. O ne o phahame mahareng a dintlha tsa difate tse mahlaku, o ntse o bonahala ka ho phahama ha wona, le ka bongata ba makala a wona.


Jesu ha a tloha teng, a bona motho ya bitswang Mattheu, a dutse pela ntlo ya lekgetho; yaba o re ho yena: Ntatele. Mattheu a ema, a mo latela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ