Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esdrase 2:69 - Sesotho 1909/1961 (SO)

69 Hape, ka ho ikutlwa matla a bona, ba ntshetsa bobolokelo ba tjhelete tsa mosebetsi didarike tsa kgauta tse dikete tse mashome a tsheletseng a motso o mong, le dimina tsa silefera tse kete tse hlano, le diaparo tse lekgolo tsa baprista.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

69 Bakeng sa mosebetsi ona ba fana kamoo ba ka kgonang kateng, ba nea ramatlotlo kgauta e etsang boima ba dikilo tse makgolo a mahlano, le silefera e etsang boima ba dikilo tse dikete tse pedi le makgolo a robedi. Ba fana ka diaparo tsa boprista tse lekgolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esdrase 2:69
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha phethwa jwalo mosebetsi wohle oo morena Salomone a o etseditseng ntlo ya Jehova. Salomone a ntoo tlisa le mesebetsi e kgethetsweng Modimo ke ntatae Davida, e le silefera le kgauta le dipitsa, a di bea dipolokelong tsa matlotlo a ntlo ya Jehova.


O ka bona, bonyenyaneng ba ka, ke lokiseditse ntlo ya Jehova kgauta e ditalenta tse dikete tse lekgolo, le silefera e ditalenta tse dikete tse sekete, le koporo le tshepe tse se nang ho lekanngwa, kahobane di ngata haholo. Ke lokisitse le difate le majwe, mme o tla boela o ekeletse teng.


ba ntshetsa tshebeletso ya ntlo ya Modimo ditalenta tsa kgauta tse dikete tse hlano tse nang le didarike tse dikete tse leshome, le ditalenta tsa silefera tse dikete tse leshome, le ditalenta tsa koporo tse dikete tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi, le ditalenta tsa tshepe tse dikete tse lekgolo.


Eitse hobane ba fihle tlung ya Jehova ya Jerusalema, ba bang ba dihlooho tsa matlo a bontata bona ba ntshetsa ntlo ya Jehova dimpho ka ho rata ha bona, hore e tsoswe setsheng sa yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ