Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esdrase 2:65 - Sesotho 1909/1961 (SO)

65 kantle ho makgoba a bona a banna le a basadi a neng a etsa dikete tse supileng tse nang le makgolo a mararo a mashome a mararo a metso e supileng; ba makgolo a mabedi ho bona e ne e le dibini tsa banna le tsa basadi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

65 ho sa balwe bahlanka le makgabunyane a bona a dikete tse supileng le makgolo a mararo le mashome a mararo a metso e supileng. Hara bona ho ne ho ena le dibini tsa banna le tsa basadi tse makgolo a mabedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esdrase 2:65
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kajeno, ke na le dilemo tse mashome a robileng meno e le mmedi; nka tseba jwang ho kgetha se monate ho se babang na? Ana mohlanka wa hao o sa tseba ho utlwa seo ke se jang, leha e le seo ke se nwang na? Na ke sa tseba ho utlwa mantswe a dibini tsa banna le tsa basadi na? Na mohlanka wa hao a ka nna a iketsa phahlo ho morena, monga ka, na?


Jeremia a etsa pina ya malla hodima Josiase; le tsona dibini tsa banna le tsa basadi di nnile tsa bolela tsa Josiase dipineng tsa tsona tsa dillo ho fihlela kajeno, tsa etsa dipina tsena mokgwa o tiileng Iseraeleng. Bonang, taba tseo di ngodilwe bukeng ya kodi ya malla.


Phutheho kaofela, ha e balwa hammoho, ya etsa batho ba kete tse mashome a mane a metso e mmedi tse nang le makgolo a mararo a mashome a tsheletseng,


Hape, ba ne ba na le dipere tse makgolo a supileng a mashome a mararo a metso e tsheletseng, le dimulete tse makgolo a mabedi a mashome a mane a metso e mehlano,


kantle ho makgoba a bona a banna le a basadi a neng a etsa dikete tse supileng tse nang le makgolo a mararo a mashome a mararo a metso e supileng; ba makgolo a mabedi a mashome a mane a metso e mahlano ba bona e ne e le dibini tsa banna le tsa basadi.


Dibini di tsamaya sehloohong, ba letsang dithomo ba tla kamora tsona, mahareng a barwetsana ba teang meropa.


Ka ipokellela silefera le kgauta le menono ya marena le ya dinaha; ka ipatlela dibini tsa banna le tsa basadi, le menate ya bana ba batho, e leng basadi ba bangata;


Jesu ha a fihla tlung ya kgosana, a bona ba teang diphala le batho ba bangata ba etsang lerata le leholo.


Empa ekare ha mohlanka eo a ka bua pelong ya hae, a re: Morena wa ka o diehile ho tla; mme jwale a qala ho otla bahlanka ba batona le ba batshehadi, a eja, a enwa, a tahwa,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ