Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esdrase 10:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Bona ba ntsha matsoho, ba itlama jwalo hore ba tla kgutlisa basadi ba bona; mme kahobane ba ne ba le molato, ba hlabela molato wa bona sehlabelo sa pheleu e ntjha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Ba hlapanya hore ba tla leleka basadi ba bona. Ka baka la molato wa bona ba nyehela ka pheleu e tswang mohlapeng wa bona, ba nyehela ka baka la sebe sa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esdrase 10:19
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A tloha teng, a kopana le Jonadabe, mora Rekabe, a tlile ho mo kgahlanyetsa. A mo dumedisa, a re ho yena: Na pelo ya hao e tshweu, jwalokaha pelo ya ka e le tshweu bakeng sa pelo ya hao na? Jonadabe a re: E tshweu. Yena a re: Ha ho le jwalo, nnee letsoho la hao. A mo neela letsoho la hae. A mo neela letsoho la hae, a mo nyollela koloing.


Dihlooho tsohle, le dinatla kaofela, le bara bohle ba morena Davida, ba ipea katlasa morena Salomone.


Jwale, le se ke la hlola le satalatsa melala ya lona, jwaloka bontata lona; le mpe le tshwarane matsoho le Jehova, mme le tle sehalalelong sa hae seo a se halaleditseng ka ho sa feleng; mme le sebeletse Jehova, Modimo wa lona, hore bohale ba kgalefo ya hae bo le kgelohe.


Re otlolletse matsoho a rona ho Baegepeta le ho Baassiria ho bona bohobe.


ha a ka etsa sebe se jwalo, a etsa molato, o tla busa seo a se utswitseng, kapa seo a se nkileng ka mano, kapa se neng se beilwe ho yena, leha e le ntho eo a e thotseng, e neng e lahlehile;


O tla tlisetsa Jehova sehlabelo sa hae sa molato, e leng pheleu e sa neng sekodi e kgethilweng mohlapeng, ka tekanyetso ya hao e le sehlabelo sa molato se tlisetswang moprista.


Jakobo, le Kefase, le Johanne, eitse ha ba lemoha mohau oo ke o neilweng, ba re nea matsoho a bolekane, nna le Barnabase, hore rona re ikele ho baditjhaba, mme bona ba ye ho ba lebollo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ