Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esdrase 10:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Empa Jonathane, mora Asaele, le Jahsia, mora Thikva, ba hana moo, ba emelwa ke Meshullame le Molevi Shabthai.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Ke bo-Jonathane feela, mora wa Asaele, le Jahasiya, mora wa Tikefa, ba neng ba hanyetsa taba ena, mme ba tlatsitswe ke Meshulame le Shabetai wa Molevi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esdrase 10:15
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A ho ke ho eme dihlooho tsa rona bakeng sa phutheho yohle, mme bohle ba nyetseng basadi basele metseng ya bona ba ke ba tle ka dinako tse tla bewa, ba tle ba ena le baholo ba motse o mong le o mong le baahlodi ba bona, ho fihlela bohale ba kgalefo ya Modimo wa rona bo ba bo kgeloswa hodima rona bakeng sa taba ena.


Haele ba kgutlileng kgolehong, bona ba etsa. Moprista Esdrase, le banna ba bang, bao e leng dihlooho tsa matlo a bontata bona, ba kgethwa ka matlo a bontata bona, mme bohle ba bolelwa ka mabitso a bona. Ba tla hammoho ka tsatsi le qalang kgwedi ya leshome, ho botsisisa taba ena.


Ho bara ba Bani, ke Meshullame, Malluke, Adaia, Jashube, Sheale, le Ramothe.


le Shabbethai, le Josabade ba neng ba hlahloba mosebetsi wa kantle wa ntlo ya Modimo; e ne e le ba bang ba dihlooho tsa Balevi.


Monyako wa Kgale wona wa lokiswa ke Jojada, mora Pasea, le Meshullame, mora Besodia; ba bea difate tsa wona, mme ba kenya mamati le dinotlolo le mekwallo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ