Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esdrase 10:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 A ho ke ho eme dihlooho tsa rona bakeng sa phutheho yohle, mme bohle ba nyetseng basadi basele metseng ya bona ba ke ba tle ka dinako tse tla bewa, ba tle ba ena le baholo ba motse o mong le o mong le baahlodi ba bona, ho fihlela bohale ba kgalefo ya Modimo wa rona bo ba bo kgeloswa hodima rona bakeng sa taba ena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Baetapele bohle ba setjhaba ba ke ba eme ka maoto; bohle ba metseng ya rona, ba nyetseng basadi ba baditjhaba, ba tle ka nako e beilweng, mme ba tle le baholo, le baahlodi ba motse o mong le o mong, ho fihlela kgalefo ya Modimo wa rona, tabeng ena, e re fapoha.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esdrase 10:14
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Leha ho le jwalo, Jehova ha a ka a phetsa ho halefela Juda haholo, ka baka la tsohle tseo Manasse a mo halefisitseng ka tsona.


Oho, jwale, nkutlweng, mme le kgutlise batshwaruwa bao le ba tlisitseng le ba tshwere hara banababo lona; hobane bohale ba Jehova bo le tuketse.


Jwale, ke na le pelo ya ho hlaba selekane le Jehova, Modimo wa Iseraele, hore bohale ba kgalefo ya hae bo ke bo re kgelohe.


Jwale, le se ke la hlola le satalatsa melala ya lona, jwaloka bontata lona; le mpe le tshwarane matsoho le Jehova, mme le tle sehalalelong sa hae seo a se halaleditseng ka ho sa feleng; mme le sebeletse Jehova, Modimo wa lona, hore bohale ba kgalefo ya hae bo le kgelohe.


Empa setjhaba se seholo; hape, ke nako ya dipula tse kgolo; ha ho kamoo re ka emang kantle kateng; hape, hase mosebetsi wa tsatsi le le leng, kapa wa matsatsi a mabedi, re tswe re le bangata haholo ba sitilweng tabeng ena.


Empa Jonathane, mora Asaele, le Jahsia, mora Thikva, ba hana moo, ba emelwa ke Meshullame le Molevi Shabthai.


Lerekong la wona wa tshwarela bokgopo ba bona, ha o a ka wa ba timetsa; wa itshwara kgalefong hangata; ha o a ka wa nea bohale bohle ba wona sebaka,


Ka letsatsi leo o tla re: Jehova, ke a o rorisa, hobane o ne o nkgalefetse, empa bohale ba hao bo kgutlile, mme o ntshidisitse.


Jehova a re ho Moshe: Bokella marena wohle a setjhaba, o a fanyehe pela Jehova, pontsheng ya letsatsi, bohale ba Jehova bo tuketseng Iseraele bo tle bo fele.


Ho ke ke ha eba letho la tse neetsweng anathema le kgomarelang matsoho a hao, hore Jehova a kgutle pefong ya bohale ba hae, mme a o hauhele, a o rekolohele, mme a o atise jwalokaha a anetse bontatao,


o tla ya ho baprista ba Balevi, le ho moahlodi ya tla bang teng mohlang oo, o ba botse; mme ba tla o tsebisa kahlolo e loketseng.


Ba etsa sefika se seholo sa majwe hodima hae; se sa le teng le kajeno. Yaba Jehova o bohla bohaleng ba ho halefa ha hae. Ka baka lena, bitso la teng la bitswa sekgutlo sa Akore (pherekanyo) ho fihlela kajeno.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ