Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 40:33 - Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Hape, a hloma lebala le potang tabernakele le aletare; a fanyeha lesela le homilweng monyako wa lebala; kahoo, Moshe a phetha mosebetsi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

33 A hloma seotlwana ho potapota Leaho le aletare, a lepeletsa lesira la seotlwana. Yaba Moshe o phetha mosebetsi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 40:33
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Salomone a haha ntlo jwalo, a ba a e phetha.


A haha ntlo jwalo, a e phetha, a kwahela ntlo ka difate le ka dipolanka tsa kedare.


Tsohle tsa tshebetso ya tabernakele, e leng tente ya pokano, tsa phethwa jwalo, mme bana ba Iseraele ba etsa ka tsohle tseo Jehova a di laetseng Moshe; ba etsa jwalo.


enere ha ba kena tenteng ya pokano, leha ba atamela pela aletare, ba ne ba itlhatswa, jwalokaha Jehova a laetse Moshe.


Lebala lona o tla le bea ka mathoko, o bee lesela le homilweng monyako wa lebala.


Matsoho a Sorababele a theile ntlo ena, mme matsoho a hae a tla e phetha; mme o tla tseba hobane Jehova wa makgotla o nthomile ho lona.


o mpe o bee Balevi balebedi ba tabernakele ya bopaki, le ba mesebetsi yohle ya yona. E tla ba bona ba tlang ho jara tabernakele le mesebetsi yohle ya yona; e tla ba bona ba tlang ho etsa tshebetso ya yona, mme ba tla teela tabernakele hare moo e hlongwang teng.


Empa Jesu a tseba, mme a re ho bona: Batho ba tumelo e nyenyane, na le hakanya kahare ho lona hoba ke rialo, kahobane le sa ka la nka mahobe na?


Ke nna monyako; ekare ha motho a kena ka nna, o tla bolokeha; o tla nne a kene, a tswe, a bone makgulo.


Jesu a re ho yena: Ke nna tsela, le nnete, le bophelo; ha ho motho ya ka tlang ho Ntate, haese ka nna.


Ke o tlotlisitse lefatsheng, ke phethile mosebetsi oo o neng o nneile wona hore ke o etse.


Jesu a re ho bona: Sejo sa ka ke ho etsa thato ya ya nthomileng, le ho phetha mosebetsi wa hae.


Hobane jwalokaha mmele o le mong, mme o ena le ditho tse ngata, mme ditho tsohle tsa mmele o leng mong, leha di le ngata, e le mmele o le mong feela, Kreste le yena o jwalo.


Mme bao Modimo o ba beileng kerekeng, pele ke baapostola, ba bobedi ke baporofeta, ba boraro ke baruti, ho ntoo ba ba mehlolo, le dineo tsa phodiso, le ditshebeletso, le ditsamaiso, le mefuta ya dipuo.


hobane ke ka yena re nang le katamelo ba babedi ho Ntate, ka Moya o le mong.


Ke lwanne ntwa e molemo, ke mathile ka qeta sebaka, ke bolokile tumelo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ