Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 37:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Hape, ha etswa ole ya setlolo e kgethehileng, le dibano tse hlwekileng tse monko o monate, ka mokgwa wa motswaki wa tse nkgang hamonate.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

29 A etsa ole e tlotsang, e halalelang, le mokubetso o monko o monate, jwalokaha ho etsa setsebi se tswakang ditlolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 37:29
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Thapelo ya ka a e ke e nyolohele jwaloka dibano tse nkgang hamonate pela hao, le kemiso ya matsoho a ka e be jwaloka sehlabelo sa mantsiboya!


O teka tafole pela ka, pontsheng ya dira tsa ka; o tlotsitse hlooho ya ka ka ole, mohope wa ka o a kgaphatseha.


O emisa lenaka la ka jwaloka la nare, ke tlotsitswe ka ole e ntjha;


Ha etswa mejaro ya sefate sa leoka, mme ya manehwa ka kgauta.


Dintsintsi tse shweleng di nkgisa le ho bodisa ole ya motlotsi; ho jwalo le bothoto bo bonyenyane, bo senya botumo ba ya tumileng ka bohlale le kganya.


Moya wa Jehova o tla dula hodima hae, moya wa bohlale le wa kelello, moya wa keletso le wa matla, moya wa ho tseba le wa ho tshaba Jehova.


Moya wa Morena Jehova o dutse ho nna, hobane Jehova o ntlotsitse hore ke tle ke bolelle ba madimabe taba tse molemo; o nthomile ho fodisa ba robehileng dipelo, ho bolella ba tlamilweng tokoloho, le ho tsebisa ba teronkong ho bulwa ha yona;


ho behela ba llang ba Sione hobane ba tla newa moqhaka sebakeng sa molora, ole ya thabo sebakeng sa bofifi, kobo ya kganya sebakeng sa moya o tepeletseng, hore ba tle ba bitswe dieike tsa ho loka, le lehlomela la Jehova le tlang ho mo tlotlisa.


Hobane ya romilweng ke Modimo o bolela mantswe a Modimo, hobane Modimo ha o mo nee Moya ka tekanyo.


Ke Jesu eo, mehleng ya nama ya hae, ya kileng a hlahisa, ka mohoo o moholo le ka meokgo, merapelo ya hae e bohloko ho ya neng a ka tseba ho mo lwela lefung; mme eitse hobane a utluwe, ka baka la borapedi ba hae,


Ke ka baka leo a ka tsebang ho pholosa ka ho fetisisa ba atamelang Modimo ka yena, kahobane o ntse a phela kamehla ho ba rapella.


Haele lona, le amohetse tlholo ho Ya halalelang, mme le tseba tsohle.


Haele lona, tlholo eo le e nkileng ho yena e dutse ho lona, mme ha le a tshwanela ho rutwa ke e mong; empa jwalokaha tlholo ya hae e le ruta tsohle, mme e le ya nnete, e se ya leshano, dulang ho yona, jwalokaha a le rutile.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ