Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 37:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Ha etswa le aletare ya dibano ka sefate sa leoka; bolelele ba yona e le setswe se le seng, bophara ba yona e le setswe se le seng; e ne e le mahlakore a mane a lekanang; bophahamo ba yona ya eba ditswe tse pedi; manaka a yona a tswile ho yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

25 A etsa aletare ya mokubetso ka dithupa tsa sefate sa mositsane. Bolelele ba yona e ne e le disenthimethara tse mashome a mane a metso e mehlano, bophara ba yona e le disenthimethara tse mashome a mane a metso e mehlano, e ne e ena le mahlakore a mane a lekanang; bophahamo ba yona e le disenthimethara tse mashome a robong. Manaka a yona a ne a entswe ka thupa e le nngwe le aletare.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 37:25
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa eitse hobane a iphe matla, pelo ya hae ya ikakasa ho fihlela a ba a etsa sebe, a sitelwa Jehova, Modimo wa hae; hobane a kena tempeleng ya Jehova a tle a tjhese dibano aletareng ya dibano.


le tafole le mesebetsi ya yona, le kandelare e hlwekileng le mesebetsi yohle ya yona, le aletare ya dibano;


le aletare ya dibano le mejaro ya yona, le ole ya setlolo le dibano tse nkgang hamonate, le lesela le homilweng la monyako le etsetswang monyako wa tabernakele;


Hammoho le mesebetsi yohle ya yona, ya etswa ka talenta ya kgauta e hlwekileng.


Ya manehwa ka kgauta e hlwekileng, kahodimo le kahohle mahlakoreng le manakeng; ya etsetswa mofapo wa kgauta o e potolohang.


Aletare ya kgauta ya dibano, o tla e bea pela areka ya bopaki, o bee lesela le homilweng monyakong wa tabernakele.


Mawatla le difofu! ho hoholo keng? Na ke kabelo, kapa ke aletare e halaletsang kabelo na?


Re na le aletare eo ba sebeletsang tabernakeleng ba se nang tokelo ya ho jela ho yona.


Ke ka baka leo a ka tsebang ho pholosa ka ho fetisisa ba atamelang Modimo ka yena, kahobane o ntse a phela kamehla ho ba rapella.


se neng se na le aletare ya dibano ya kgauta, le areka ya selekane e apesitsweng hohle ka kgauta, moo ho kenntsweng pitsa ya kgauta e tshetsweng manna, le thupa ya Aarone e thuntseng, le matlapa a selekane.


le lona, le ke le hahuwe le le majwe a phelang, ho etsa ntlo ya Moya, le boprista bo halalelang, ho hlahisa mahlabelo a moya, a natefelang Modimo ka Jesu Kreste.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ