Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 35:35 - Sesotho 1909/1961 (SO)

35 O ba tlatsitse ka bohlale, hore ba tle ba sebetse mesebetsi yohle e sebetswang ke dibetli, le diqapi, le dihomi tsa purepera le sekarelata le krimsone le lene e ntle, le dilohi, hore ho etswe mesebetsi yohle e ka sebetswang le e ka qapuwang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

35 Morena o ba neile dipelo tse bohlale, ba tle ba etse mesebetsi yohle ya bolala, le mesebetsi yohle e etswang ke ditsebi, le ya dihomi tsa masela a maputswa, le a perese, le a mafubedu, le a lene; le mesebetsi ya dilohi. Bana ke ditsebi tsa mesebetsi ena yohle, le diradi tsa ditshwantsho tsa mesebetsi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 35:35
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

bona, ke se ke entse kamoo o boletseng kateng. Bona, ke o nea pelo e kelello le kutlwisiso; le pele ha ho a ka ha eba le a mong ya kang wena, le morao ho ke ke ha hlaha le a mong ya kang wena.


e ne e le mora wa mosadi wa mohlolohadi wa leloko la Nefthali, ntatae e le motho wa Tire, lelala la koporo; e ne e le motho ya nang le kelello le kutlwisiso, le masene a ho sebetsa mesebetsi yohle ya koporo. A tla ho morena Salomone, a sebetsa mesebetsi ya hae yohle.


ke mora mosadi wa baradi ba Dane, ntatae e mpa e ne e le motho wa Tire. O tseba ho sebetsa kgauta, le silefera, le koporo, le tshepe, le majwe, le difate, le sekarelata, le purepera, le lene e ntle, le vermilione; le ho betla ka mekgwa yohle, le ho qapa ditshwantsho tse mefutafuta kamoo ho ka batlwang ho yena kateng. O tla tlatsana le banna ba hao ba masene le banna ba masene ba ntatao Davida, monga ka.


Tshiu tsa ka di pomilwe kapele ho fetisa lesika leo molohi a lohang ka lona; di fela ho se tshepo e ntshaletseng.


O tla etsa tabernakele ka masela a leshome a lene e ntle e lohilweng, a purepera, a sekarelata, a krimsone; o tla homela dikerubime ho wona, e be mosebetsi o etswang ka masene.


ke mo tlatsitse ka moya wa Modimo, ka bohlale, ka kutlwisiso, ka tsebo, hore a tle a tsebe ho etsa mesebetsi ya mefutafuta,


Bona, ke beile le Oholiabe, mora Akisamake, wa leloko la Dane; hape ke kentse bohlale pelong tsa batho bohle ba masene, hore ba sebetse tsohle tsee ke o laetseng tsona;


o mo tlatsitse ka moya wa Modimo, ka bohlale le ka kutlwisiso, le ka tsebo ya ho etsa mesebetsi yohle,


Jwale, Betsaleele le Oholiabe, le banna bohle ba masene bao Jehova a ba neileng bohlale le kutlwisiso ya tsebo le ya ketso, ba tla ho etsa mosebetsi wohle wa tshebeletso ya sehalalelo, kahohle kamoo Jehova a laetseng kateng.


Hobane Modimo wa hae o mo rutile mokgwa o lokileng, o mo tsebisitse kamoo ho ka etswang kateng.


Motlotlwane wa ka o nkilwe, o tlositswe ho nna jwalokaha ho tloswa sebeso sa modisa; bophelo ba ka ke bo phuthile, jwaloka molohi ha a phutha lesela la hae. O ne o ya poma bophelo ba ka; ho tloha hosasa ho isa mantsiboya, o ne o tla be o nqetile.


Yare ha Pauluse a ba beile matsoho, Moya o Halalelang wa tla hodima bona, ba bua dipuo, mme ba porofeta.


Pauluse a kena sinagogeng, a bua a sa tshabe, a fetolana le Bajuda ka dikgwedi tse tharo, a ba kgodisa tabeng tsa mmuso wa Modimo.


Hobane le filwe ho yena monono dinthong tsohle, monono wa mantswe wohle le wa tsebo yohle;


Ke ka hona le sa hlokeng mpho ya mohau leha e le nngwe, lona bao le lebeletseng ponahatso ya Morena wa rona Jesu Kreste;


Hobane jwalokaha mmele o le mong, mme o ena le ditho tse ngata, mme ditho tsohle tsa mmele o leng mong, leha di le ngata, e le mmele o le mong feela, Kreste le yena o jwalo.


Dineo tsona di arohane, empa Moya o mong feela.


Hobane e mong o newa ke Moya puo ya bohlale; e mong o newa puo ya tsebo ke Moya wona oo.


Nka rata ho utlwa ho lona hona hoo feela: Ana le nkile Moya ka mesebetsi ya molao, kapa a ke ka polelo ya tumelo na?


Ya le fang Moya, ya etsang mehlolo hara lona, na o e etsa ka mesebetsi ya molao, kapa a ke ka polelo ya tumelo na?


hore, leha nka dieha, o tle o tsebe kamoo ho tshwanetsweng ho etswa kateng, ka tlung ya Modimo, eo e leng kereke ya Modimo o phelang, tshiya le motheo wa nnete.


O ke o itebele, o lebele le yona thuto; mme o tiye teng; hobane, ha o etsa jwalo, o tla ipholosa, o pholose le ba o utlwang.


O tiye matla ho iketsa ya dumelehang ho Modimo, mosebetsi ya se nang ho nyatsuwa, ya rutang lentswe la nnete ka ho loka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ