Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 35:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 o mo tlatsitse ka moya wa Modimo, ka bohlale le ka kutlwisiso, le ka tsebo ya ho etsa mesebetsi yohle,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

31 O mo file Moya wa Modimo, le bohlale, le kelello, le tsebo ya mesebetsi yohle:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 35:31
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

e ne e le mora wa mosadi wa mohlolohadi wa leloko la Nefthali, ntatae e le motho wa Tire, lelala la koporo; e ne e le motho ya nang le kelello le kutlwisiso, le masene a ho sebetsa mesebetsi yohle ya koporo. A tla ho morena Salomone, a sebetsa mesebetsi ya hae yohle.


ke mora mosadi wa baradi ba Dane, ntatae e mpa e ne e le motho wa Tire. O tseba ho sebetsa kgauta, le silefera, le koporo, le tshepe, le majwe, le difate, le sekarelata, le purepera, le lene e ntle, le vermilione; le ho betla ka mekgwa yohle, le ho qapa ditshwantsho tse mefutafuta kamoo ho ka batlwang ho yena kateng. O tla tlatsana le banna ba hao ba masene le banna ba masene ba ntatao Davida, monga ka.


O bue le banna ba masene, bao ke ba tshetseng ka moya wa hlalefo, ba tle ba etsetse Aarone diaparo tse mo kgethang, hore a tle a sebetse mosebetsi wa boprista pela ka. Diaparo tseo ba tla di etsa, ke tsona tsena:


ke mo tlatsitse ka moya wa Modimo, ka bohlale, ka kutlwisiso, ka tsebo, hore a tle a tsebe ho etsa mesebetsi ya mefutafuta,


Yaba Moshe o re ho bana ba Iseraele: Bonang, Jehova o bitsitse ka lebitso la hae Betsaleele, mora Uri, mora Hure, wa leloko la Juda;


leha e le ho qapa e meng, le ho e etsa ka kgauta, le silefera, le koporo;


O ba tlatsitse ka bohlale, hore ba tle ba sebetse mesebetsi yohle e sebetswang ke dibetli, le diqapi, le dihomi tsa purepera le sekarelata le krimsone le lene e ntle, le dilohi, hore ho etswe mesebetsi yohle e ka sebetswang le e ka qapuwang.


Hobane Modimo wa hae o mo rutile mokgwa o lokileng, o mo tsebisitse kamoo ho ka etswang kateng.


eo matlotlo kaofela a bohlale le a tsebo a patilweng ka ho yena.


Mpho e nngwe le e nngwe e ntle, leha e le neo e nngwe le e nngwe e phethehileng, e tswa hodimo, e theoha ho Ntata masedi, eo ho seng tikatiko ho yena, leha e le seriti sa ho fetoha.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ