Eitse hobane taelo e tume, bana ba Iseraele ba tlisa dilopotsiya tse ngata tsa koro, tsa veine e ntjha, tsa ole, tsa dinotshi, le tsa tsohle tse bewang ke masimo; ba tlisa le karolo ya leshome ya ntho tsohle.
le diaparo tsa ho etsa tshebeletso sehalalelong, e leng diaparo tse kgethehileng tsa Aarone moprista, le diaparo tsa bara ba hae, tsa ho etsa mosebetsi wa boprista.
Motho ka mong ya eleditsweng ke pelo ya hae le bohle ba pelo di ithatetseng, ba fihla ba tlisetsa Jehova dikabelo ho sebetsa tente ya pokano, le tsohle tsa tshebeletso ya yona, le diaparo tse kgethehileng.