Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 34:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Kamora tseo, bana ba Iseraele bohle ba atamela; a ba laela taba tsohle tseo Jehova a mmoleletseng tsona thabeng ya Sinai.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

32 Hamorao bana bohle ba Iseraele ba atamela, mme a ba bolella tsohle tseo Morena a di buileng ho yena, ha a le thabeng ya Sinai.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 34:32
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mikea a re: Ka Jehova ya utlwang, seo Jehova a tla mpolella sona, ke sona seo ke tla se bolela.


Ke tsena ditaelo tseo o tla di bea pela bona:


Yaba Moshe o ya, a phetela setjhaba mantswe wohle a Jehova le ditaelo tsohle tsa hae, mme setjhaba sa araba ka ntswe le le leng, sa re: Taba tsohle tse boletsweng ke Jehova re tla di etsa.


Moshe a ba bitsa. Yaba Aarone le marenana wohle a phutheho ba kgutlela ho yena, mme Moshe a bua le bona.


Eitse hobane Moshe a qetelle ho bua le bona, a ikgurumetsa sefahleho ka lesira.


Yaba Moshe o bokella phutheho yohle ya bana ba Iseraele, a re ho bona: Ke tsena ditaba tseo Jehova a laetseng ho di etsa.


hore le tle le hopole, mme le etse melao ya ka kaofela, mme le kgethehele Modimo wa lona.


mme le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Mme bonang, nna, ke na le lona kamehla yohle, ho isa bofelong ba lefatshe.


Hobane nna ke amohetse ho Morena seo ke le neileng sona, ke hoba Morena Jesu, ka bosiu boo a ekilweng ka bona, o ne a nke bohobe;


Hobane pele ho ntho tsohle, ke le neile seo le nna ke se amohetseng, ke ho re, Kreste o shwele ka baka la dibe tsa rona, kamoo Mangolo a bolelang kateng;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ