Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 34:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Mme Aarone le bana ba Iseraele kaofela ha ba tadima Moshe, ba bona letlalo la sefahleho sa hae le kganya, mme ba tshaba ho mo atamela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

30 Yare ha Arone la bana bohle ba Iseraele ba tadima Moshe, mme ba bona hore sefahleho sa hae se a kganya, ba tshaba ho atamela ho yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 34:30
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Moshe a ba bitsa. Yaba Aarone le marenana wohle a phutheho ba kgutlela ho yena, mme Moshe a bua le bona.


Ya lekanang le ya bohlale ke mang? Mme ke mang ya ka tsebang ho hlalosetsa taba na? Bohlale ba motho bo edisa sefahlelo sa hae, mme bo fetola bothata ba sefahlelo sa hae.


ke bua le yena ka molomo o bapileng le molomo, ka ho iponahatsa, e seng ka mokgwa wa ho lotha; o boha sefahleho sa Jehova. Ha ho le jwalo, ho ile kang ha le sa ka la tshaba ho bua hampe ka mohlanka wa ka, Moshe, na?


Yare ha bongata bohle bo mmona, ba tshoha, mme ba mo mathela ho mo dumedisa.


diaparo tsa hae tsa fetoha, tsa benya, tsa eba tshweu jwaloka lehlwa, kamoo ho seng mohlatswi lefatsheng kateng, a ka tsebang ho sweufatsa hakalo.


Simone Petrose, eitse ha a bona hoo, a itihela maotong a Jesu, a re: Morena, tloha ho nna, hobane ke monna wa moetsadibe.


Mme ekare ha tshebeletso ya lefu, e ngodilweng ka diletere tse betlilweng majweng, e ne e na le kganya e kgolo, bana ba Iseraele ba ba ba sitwa ho tadima Moshe mahlong, ka baka la kganya ya sefahleho sa hae, athe ke e neng e tla fela;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ